Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 24:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Jehova a re ho Moshe: Nyolohela ho nna thabeng, mme o hlole teng; ke tla o nea matlapa a nang le molao le taelo tseo ke di ngodileng hore ba rutwe tsona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

12 Morena a re ho Moshe: “Nyolohela ho nna mona, thabeng, mme o dule teng. Ke tla o nea matlapa a lejwe, a ngotsweng Molao, le ditaelo tseo ke di ngotseng, ho ruta Baiseraele.”

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 24:12
21 Referencias Cruzadas  

Lentswe la re: Tloha, o ye ho ema thabeng pela Jehova. Yaba Jehova o a feta. Moya o moholo, o matla, wa petsola dithaba, wa qhetsola mafika pela Jehova; empa Jehova o ne a le siyo moyeng. Kamora moya, ya eba tshisinyeho ya lefatshe; empa Jehova o ne a le siyo tshisinyehong.


Hobane Esdrase o ne a sekehetse pelo ya hae ho batla molao wa Jehova le ho etsa ka wona, le ho ruta Baiseraele melao le dikahlolo.


Wa ba wa theohela thabeng ya Sinai, wa bua le bona o le mahodimong; wa ba nea dikahlolo tse lokileng le melao ya nnete, le ditemoso tse molemo le ditaelo.


Wa ba tsebisa Sabatha ya hao e halalelang, mme wa ba beela ditaelo le ditemoso le molao ka Moshe, mohlanka wa hao.


Ke mang ya ka lemohang diphoso tsa hae kaofela? O ntshwarele tse nkgakileng!


Moshe a nyolohela ho Modimo, mme Jehova a mmitsa a le qhoweng ya thaba, a re: Bua le ntlo ya Jakobo, o bolelle bana ba Iseraele, o re:


Yaba Moshe o nyolohela thabeng, mme leru la apesa thaba.


Moshe a kena lerung, a hlwella thabeng, mme Moshe a hlola thabeng matsatsi a mashome a mane le masiu a mashome a mane.


Ho atamele Moshe a nnotshi pela Jehova, ba bang ba se ke ba atamela, le sona setjhaba se se ke sa nyoloha le yena.


Eitse hobane Modimo o qetelle ho bua le Moshe, thabeng ya Sinai, wa mo nea matlapa a mabedi a bopaki, matlapa a majwe a ngodilweng ka monwana wa Modimo.


Setjhaba eitse ha se bona hoba Moshe o diehile ho theoha thabeng, setjhaba sa bokanela Aarone, sa re ho yena: Ema, o re etsetse modimo o re etellang pele; hobane haele Moshe eno, monna ya re ntshitseng fatsheng la Egepeta, ha re tsebe se mo hlahetseng.


Yaba Jehova o re ho Moshe: O betle matlapa a mabedi a kang a pele, mme ke tla ngola matlapeng mantswe a neng a le matlapeng a pele ao o a bolaileng.


Empa ke sena selekane seo ke tla se hlaba le ntlo ya Iseraele kamora ditshiu tseo, ho bolela Jehova: Ke tla ngola molao wa ka kahare ho bona, ke o ngole dipelong tsa bona; ke tla ba Modimo wa bona, bona e be setjhaba sa ka.


Ka baka leo, ya tlolang o mong o monyenyane wa melao eo, mme a ruta batho ho etsa jwalo, o tla bitswa e monyenyane mmusong wa mahodimo; empa ya e bolokang, mme a ruta batho ho e boloka, yena o tla bitswa e moholo mmusong wa mahodimo.


Le a bonahala hoba le lengolo la Kreste, le lokisitsweng ke tshebetso ya rona, le ngodilweng, e seng ka enke, empa e le ka Moya wa Modimo o phelang; ha le a ngolwa matlapeng a lejwe, empa e le matlapeng a nama, a dipelo tsa lona.


Mme ekare ha tshebeletso ya lefu, e ngodilweng ka diletere tse betlilweng majweng, e ne e na le kganya e kgolo, bana ba Iseraele ba ba ba sitwa ho tadima Moshe mahlong, ka baka la kganya ya sefahleho sa hae, athe ke e neng e tla fela;


Mohlang oo, Jehova a ntaela hore ke le rute melao le ditaelo, hore le etse ka tsona lefatsheng leo le yang ho le rua.


Dipolelo tseo Jehova o di boleletse phutheho ya lona yohle, a le thabeng hara mollo, le lerung, le lefifing, ka lentswe le leholo, mme ha a ka a eketsa letho. A di ngola matlapeng a mabedi, mme a nnea wona.


Empa haele wena, dula mona, le nna ke tle ke o bolelle ditaelo tsohle, le melao, le dikahlolo tseo o tla ba ruta tsona, ba tle ba etse ka tsona lefatsheng leo ke ba neang lona ho le rua.


se neng se na le aletare ya dibano ya kgauta, le areka ya selekane e apesitsweng hohle ka kgauta, moo ho kenntsweng pitsa ya kgauta e tshetsweng manna, le thupa ya Aarone e thuntseng, le matlapa a selekane.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos