Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 24:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Ha o a ka wa isa letsoho hodima ba kgethilweng ba bana ba Iseraele; ba bona Modimo, mme ba eja, ba enwa.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 Empa Modimo a se ke a otla mahosana a bana ba Iseraele, mme ha ba se ba bone Modimo ba eja, ba enwa.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 24:11
24 Referencias Cruzadas  

Yaba o rea Jehova ya buileng le yena lebitso la Atta-Ele-roi (Wena, Modimo, o a mpona), hobane a re: Kanthe le mona ke bone ke se ke bonwe.


athe Abrahama e tla ba setjhaba se seholo, se matla, mme mefuta yohle ya lefatshe e tla hlohonolofalla ho yena?


Jakobo a hlaba sehlabelo thabeng, a bitsa bahabo ho tla ja bohobe; yaba ba ja bohobe, ba robala thabeng.


A ngola mangolo ka lebitso la Akabe, a a tiisa ka tiiso ya hae, a romela mangolo ho baholo le mahosana a motseng wa Nabothe, a ahisaneng le yena.


Yaba o ya le balaodi ba makgolo, le baholo, le babusisi ba setjhaba, le setjhaba kaofela sa lefatshe; a theola morena tlung ya Jehova, ba kena tlung ya morena ka monyako o kahodimo, mme ba dudisa morena teroneng ya mmuso.


Mahosana a ne a sa tsebe moo ke ileng, le seo ke se etsang; ke ne ke eso ho bolelle Bajuda, leha e le baprista, le baholo, le mahosana, le ba bang ba sebetsang mosebetsi.


O ntika kapele le kamorao, letsoho la hao le dutse ho nna.


Yaba Jethro, mohwehadi wa Moshe, o tlisetsa Modimo setjheso le mahlabelo, mme Aarone le baholo kaofela ba Iseraele ba tla ho tla ja bohobe le mohwehadi wa Moshe, pontsheng ya Modimo.


Yaba Jehova o re ho Moshe: Theoha, o laele setjhaba, ba se tshohe ba phunyelletsa ka ho Jehova ho tla boha, mme ha eshwa ba bangata ho bona.


Yaba Modimo o re ho Moshe: Nyolohela ho Jehova, le ena le Aarone, le Nadabe, le Abihu, le baholo ba mashome a supileng ba Iseraele, mme le kgumame le sa le hole.


Ha ho le jwalo, eya, o je bohobe ba hao ka thabo, o nwe veine ya hao ka pelo e nyakaletseng; etswe Modimo o kgahlisitswe le kgale ke diketso tsa hao.


Benghadi ba roma bafo ba bona metsing, ba ya mameneng ba sa fumane metsi, ba kgutla dipitsa di le feela, ba hlabiswa dihlong, ba swabile, ba ikgurumeditse dihlooho.


Na mohlanka wa morena ka a ka bua jwang le morena ka? Ebile moo ke fellwang ke matla, ka sitwa ke ho ntsha moya.


ke bua le yena ka molomo o bapileng le molomo, ka ho iponahatsa, e seng ka mokgwa wa ho lotha; o boha sefahleho sa Jehova. Ha ho le jwalo, ho ile kang ha le sa ka la tshaba ho bua hampe ka mohlanka wa ka, Moshe, na?


Nyoloha, sediba! Se bineleng ka ho arabelana, le roke sediba se tjhekilweng ke marena, se tjhekilweng ke baholo ba setjhaba ka lere la borena, ka mare a bona!


Le tla ja teng pela Jehova, Modimo wa lona, le ithabise, lona le ba matlo a lona, ka mesebetsi yohle ya matsoho a lona, eo Jehova, Modimo wa hao, a o hlohonolofaditseng ka yona.


Na se teng setjhaba se seng se utlwileng lentswe la Modimo o buang o le hara mollo, jwalokaha o le utlwile wena, sa ba sa phela na?


Manowa a ba a re ho mosadi wa hae: Re tla shwela ruri, hobane re bone Modimo.


Ke mohlang oo masala e setseng a setjhaba a hlotseng dinatla, mme Jehova yena a ntlholela bahale.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos