Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 24:12 - BIBELE

12 Morena a re ho Moshe: “Nyolohela ho nna mona, thabeng, mme o dule teng. Ke tla o nea matlapa a lejwe, a ngotsweng Molao, le ditaelo tseo ke di ngotseng, ho ruta Baiseraele.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Jehova a re ho Moshe: Nyolohela ho nna thabeng, mme o hlole teng; ke tla o nea matlapa a nang le molao le taelo tseo ke di ngodileng hore ba rutwe tsona.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 24:12
21 Referencias Cruzadas  

Lentswe la re: “Tsamaya, o yo ema hodima thaba, kapele ho Morena.” Yaba Morena o a feta. Moya wa sefefo se matla, o eteletseng Morena pele, wa heletsa dithaba, wa kgepholaka mafika, empa Morena o ne a le siyo kahara moya oo. Hoba moya oo o fete, ha eba le tshisinyeho ya lefatshe, empa Morena o ne a le siyo kahara tshisinyeho eo.


Esera o ne a ithutile Molao wa Morena, a o phetha, a ruta Baiseraele melao le ditaelo tsa Morena.


Wa ba wa theohela hodima Thaba Sinai, wa bua le bona o theoha lehodimong; wa ba nea kahlolo tse lokileng le melao ya nnete, temoso tse lokileng le tsona ditaelo.


Wa ba ruta Sabatha se halalelang sa hao, ka mohlanka wa hao Moshe wa ba beela melao, le ditaelo, le dikahlolo.


Di ruta mohlanka wa hao, ya di bolokang o fumana moputso o moholo.


Yaba Moshe o nyolohela ho Modimo, mme Morena a mmitsa a le thabeng, a re: “O tle o bue tjena ho ba ntlo ya Jakobo, mme o bolelle bana ba Iseraele, o re:


Yaba Moshe o nyolohela thabeng, mme leru la aparela thaba.


Yaba Moshe o kena kahara leru, o nyolohela thabeng. Moshe a qeta matsatsi a mashome a mane, le masiu a mashome a mane, a ntse a le thabeng.


Moshe a le inotshi a atamele ho Morena, empa ha e le ba bang ba se ke ba atamela, le sona setjhaba se se ke sa nyoloha le yena.


Modimo ha a qeta ho bua ho Moshe a le thabeng ya Sinai, a mo nea matlapa a mabedi a ngotsweng Molao, matlapa a ngotsweng ka monwana wa Modimo.


Ha setjhaba se bona hore Moshe o dieha ho theoha thabeng, sa bokanela Arone, mme sa re ho yena: “Tloo, o re etsetse modimo o tla re etella pele, hobane ke mona ha re tsebe hore na Moshe, monna ya re nyolotseng naheng ya Egepeta, ho etsahetse eng ka yena.”


Morena a re ho Moshe: “Ipetlele matlapa a mabedi a Molao a tshwanang le a pele. Hodima matlapa ao ke tla ngola mantswe a neng a ngotswe hodima matlapa a pele, ao o a pshatlileng.


“Selekane seo ke tla se etsa le ba ntlo ya Iseraele, hoba matsatsi ao a fete, ke sena,” ho rialo Morena. “Ke tla kenya molao wa ka maikutlong a bona, ke o ngole kahara dipelo tsa bona; ke be Modimo wa bona, bona e be setjhaba sa ka.


Ha ho le jwalo, mang le mang ya tlolang leha e le nngwe ya ditaelo tsena tse nyenyane, mme a ruta batho ho etsa jwalo, o tla bitswa e monyenyane Mmusong wa mahodimo, empa mang le mang ya di phethang, mme a di ruta, yena o tla bitswa e moholo Mmusong wa mahodimo.


Ho pepenene hore lona le lengolo la Kreste, le beilweng matsohong a rona, le ngotsweng ka Moya wa Modimo ya phelang, e seng ka enke; le ngotsweng matlapeng a dipelo tsa nama, e seng matlapeng a lejwe.


Molao oo tshebeletso ya wona e isang lefung, o ngotsweng ka ditlhaku majweng, o ile wa fanwa ka tlotla, hoo bana ba Iseraele ba neng ba sitwa ho tadima sefahleho sa Moshe, ke baka la tlotla e felang ya sefahleho sa hae.


Ka yona nako eo, Morena a ntaela hore ke le rute melao le ditaelo tseo, e le hore le tle le di phethe ha le fihla naheng eo le yang ho yona, hore e tle e be ya lona.”


“Tsena ke dipolelo tseo Morena a ileng a di bolella setjhaba sohle sa lona, a le hodima thaba, kahara mollo, le kahara leru, le kahara lefifi la bokantjana, a bua ka lentswe le matla. Yaba o kgaotsa ho bua, o di ngola hodima matlapa a mabedi, o nnea tsona.”


Empa wena o eme mona pela ka, mme ke tla o bolella melao yohle, le ditaelo, le ditemoso, tseo o tla se ruta tsona, e le hore se tle se di phethe, naheng eo ke se neang yona, hore e be ya sona.’


Ka ho sona ho ne ho ena le aletare ya kgauta, moo ho neng ho tjhesetswa mokubetso teng, le areka ya selekane e apesitsweng ka kgauta, moo ho kentsweng pitsa ya kgauta e tshetseng manna, le lere la Arone le neng le ile la eba le dithunthung, le matlapa a mabedi ao ho ngotsweng mantswe a selekane ho wona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos