Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 13:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Ke ao mabitso a banna bao Moshe a ba romileng ho ya hlwela naha; mme Moshe a rea Hosea, mora Nune, lebitso la Joshua.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

16 Ana ke mabitso a banna bao Moshe a ileng a ba roma ho ya hlwela naha. Mora wa Nune, e leng Hoshea, Moshe a mo rea lebitso la Joshua.

Ver Capítulo Copiar




Numere 13:16
14 Referencias Cruzadas  

le Nune, mora hae, le Joshua, mora hae.


Moshe a re ho Joshua: Re kgethele banna, o tswe, o lwantshe Amaleke: haele nna, hosasane, ke tla ema qhoweng ya thaba, ke nkile lere la Modimo letsohong la ka.


Ke lona lentswe la Jehova le neng le tlele Hosea, mora Beeri, mehleng ya Osiase, le Jothame, le Akase, le Esekiase, marena a Juda, le mehleng ya Jeroboame, mora Joase, morena wa Iseraele.


lelokong la Gade, Geuele, mora Maki.


Roma banna hore ba ye ho hlwela naha ya Kanana, eo ke e neang bana ba Iseraele. Le rome monna ka leloko le leng le le leng la bontata bona, mme bohle e be dihlooho hara bona.


lelokong la Efraime, Hosea, mora Nune;


haese Kalebe, mora Jefunne, le Joshua, mora Nune.


Joshua, mora Nune, le Kalebe, mora Jefunne, ba neng ba ile le ba bang ho hlwela naha, ba hahola diaparo tsa bona,


Jehova a re ho Moshe: Nka Joshua, mora Nune, monna eo moya o leng ho yena, o bee letsoho la hao hodima hae.


Eitse hobane bontata rona ba e newe, ba ya le yona lefatsheng la ditjhaba tseo Modimo o di lelekileng pela bona, ba ena le Joshua; mme ya nna ya dula teng ho fihlela mehleng ya Davida.


jwalokaha o boletse le ka Hosea, ha o re: Setjhaba seo e seng sa ka, ke tla se bitsa setjhaba sa ka; le mosadi ya neng a sa ratwe, ke tla mmitsa ya ratwang.


Moshe a tla, mme a bolela mantswe wohle a sefela sena ditsebeng tsa setjhaba, a ena le Joshua, mora Nune.


Hobane holane Joshua o ba kentse phomolong, Modimo o ka be o sa ka wa bolela le leng letsatsi.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos