La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Numere 11:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Ha ekaba o nketsa jwalo, oho, ke a o rapela, o mpolaye, ha ekaba ke fumane mohau pela hao; e, o mpolaye, ke tle ke se ke ka bona bomadimabe ba ka!

Ver Capítulo

BIBELE

Haeba o nketsa tjena, hlo mpolaye hona jwale, ke a o rapela, haeba o nkgauhetse, e le hore ke se ke ka bona bomadimabe ba ka.”

Ver Capítulo



Numere 11:15
12 Referencias Cruzadas  

Haele yena, a fetela pele feelleng, tsela ya tsatsi le le leng, a fihla, a dula tlasa sehlahla, a ikopela ho shwa, a re: Ho lekane! Oho, Jehova, nka moya wa ka jwale, hobane ha ke fete bontate ka molemo.


ke moo pelo ya ka e kgethileng ho kgangwa le ho shwa, ho fetisa ha ke boloka masapo a ka.


Jwale, hoja o ka ba tshwarela tshito ya bona! Ha ho se jwalo, hlakola hle lebitso la ka bukeng ya hao eo o e ngodileng.


Bohloko ba ka bo setse keng ka ho sa feleng, le leqeba la ka ha le okwe keng na? Le hanelang ho fola? Na ho nna o tla ba sediba se thetsang, le metsi a psheleng na?


Ke ne ke tswelang popelong, hore ke tle ke bone ho kgathala le ho swaba? Hobane ditshiu tsa ka di ye di fete ka dihlong.


Mme jwale, ke re: Jehova, lata hle bophelo ba ka, hobane ho ka bang molemo ho nna ke ho shwa, e seng ho phela.


Jehova o tlositse dikahlolo tsa hao, o fietse eo e leng sera ho wena; morena wa Iseraele, Jehova, o kahare ho wena: ha o sa tla hlola o bona bobe.


mme mamello e ka kgona e phethehe tshebetsong ya yona, le tle le be ba phethehileng, ba hodileng ruri, bao ho sa hlokweng letho ho bona.