Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jonase 4:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Mme jwale, ke re: Jehova, lata hle bophelo ba ka, hobane ho ka bang molemo ho nna ke ho shwa, e seng ho phela.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 Ka baka leo, oho, Morena, mpe o mpolaye, hobane ho molemo ho nna hore ke shwe, ho ena le hore ke nne ke phele.”

Ver Capítulo Copiar




Jonase 4:3
14 Referencias Cruzadas  

Haele yena, a fetela pele feelleng, tsela ya tsatsi le le leng, a fihla, a dula tlasa sehlahla, a ikopela ho shwa, a re: Ho lekane! Oho, Jehova, nka moya wa ka jwale, hobane ha ke fete bontate ka molemo.


Botumo bo botle bo molemo ho ena le ole e nkgang hamonate, le letsatsi la ho shwa ho ena le letsatsi la ho tswalwa.


O se ke wa phaka wa halefa pelong ya hao, hobane kgalefo e ye e hanelle sefubeng sa mawatla.


Mme ho tla ratwa lefu haholo ho bophelo ke masala kaofela a setseng a mofuta oo o mobe, hohle moo ke a qhalanyeditseng teng, ho bolela Jehova wa makgotla.


Empa Jehova a re: Na ke hantle ha o hloname na?


Yare ha tsatsi le tjhaba, Jehova a hlahisa moya o bohale wa botjhabela, mme letsatsi la bata hlooho ya Jonase, a ba a kgathala, a qela lefu, a re: Ho leng molemo ho nna ke ho shwa, e seng ho phela.


Ha ekaba o nketsa jwalo, oho, ke a o rapela, o mpolaye, ha ekaba ke fumane mohau pela hao; e, o mpolaye, ke tle ke se ke ka bona bomadimabe ba ka!


Ba tsekisa Moshe, ba re: Hoja ra timela mohla banababo rona ba timelang pela Jehova!


Empa haele nna, ha ke a ka ka ithusa ka e nngwe ya tseo, mme leha ke ngola taba tseo, hase hore ho etswe jwalo bakeng sa ka; hobane haele hore motho a etse thoriso ya ka lefeela, nka ikgethela ho shwa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos