Ka kgwedi ya ho qala ya selemo sa bobedi, ka tsatsi la pele la kgwedi, tabernakele ya hlongwa.
Numere 10:11 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ka tsatsi la mashome a mabedi la kgwedi ya bobedi, ka selemo sa bobedi, leru la phahama, la tloha tabernakeleng ya bopaki; BIBELE Ka letsatsi la mashome a mabedi la kgwedi ya bobedi, selemong sa bobedi, leru la phahama, la tloha hodima Tente ya Morena e kentseng areka ya selekane. |
Ka kgwedi ya ho qala ya selemo sa bobedi, ka tsatsi la pele la kgwedi, tabernakele ya hlongwa.
Ka selemo sa bobedi sa ho tloha ha bona lefatsheng la Egepeta, ka tsatsi la pele la kgwedi ya bobedi, Jehova a bua le Moshe, lefeelleng la Sinai, ka tenteng ya pokano, a re:
Ka kgwedi ya pele ya selemo sa bobedi hobane Baiseraele ba tlohe Egepeta, Jehova a bua le Moshe feelleng la Sinai, a re:
Ba tla e etsa ka tsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi ya bobedi, ka nako ya manstiboya; ba tla e ja ka mahobe a se nang ditomoso le ka meroho e babang;
ba etsa Paseka feelleng la Sinai, ka kgwedi ya pele, ka tsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi, ka nako ya mantsiboya. Tsohle tseo Jehova a neng a di laetse Moshe, bana ba Iseraele ba di etsa jwalo.
Jehova, Modimo wa rona, o buile le rona re le Horebe, a re: Le dutse nako e lekaneng thabeng ena.