Athe ha ke eso ho dule tlung, haesale ke nyolla Iseraele Egepeta ho fihlela jwale, ke mpa ke nnile ka tswa tenteng e nngwe ka kena ho e nngwe, ka tloha tulong se seng ka kena ho se seng.
O tla etsa tabernakele ka masela a leshome a lene e ntle e lohilweng, a purepera, a sekarelata, a krimsone; o tla homela dikerubime ho wona, e be mosebetsi o etswang ka masene.
Aarone le bara ba hae ba tla e qhatsa ka tenteng ya pokano, kantle ho lesira le pela bopaki, hore e bonese ho tloha mantsiboya ho isa hosasa, pela Jehova. Hoo e tla ba taelo e sa feleng ho bana ba Iseraele melokong ya bona.
e le tabernakele le tente ya yona, le sekgurumetso sa yona, le mahokelo a yona, le dipolanka tsa yona, le maballo a yona, le ditshiya tsa yona, le didulwana tsa yona;
Selemong sa mashome a mabedi a metso e mehlano sa kgoleho ya rona, qalong ya selemo, ka la leshome la kgwedi, ho se ho le dilemo tse leshome le metso e mene motse o sentswe, ka lona tsatsi leo, letsoho la Jehova la eba ho nna, mme a ntlisa mona.
Ka selemo sa bobedi sa ho tloha ha bona lefatsheng la Egepeta, ka tsatsi la pele la kgwedi ya bobedi, Jehova a bua le Moshe, lefeelleng la Sinai, ka tenteng ya pokano, a re:
Ka letsatsi leo Moshe a qetang ho emisa tabernakele, a e tlotsa, a e halaletsa le mesebetsi yohle ya yona, le aletare, le mesebetsi yohle ya yona; a di tlotsa, mme a di kgetha.
Ka tsatsi leo ho emisitsweng tabernakele ka lona, leru la kgurumetsa tabernakele, e leng tente ya bopaki; mantsiboya ha eba hoo e kang mollo hodima tabernakele ho fihlela hosasa.