Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 40:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Ka kgwedi ya ho qala ya selemo sa bobedi, ka tsatsi la pele la kgwedi, tabernakele ya hlongwa.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

17 Ka letsatsi la pele, la kgwedi ya pele, selemong sa bobedi, Leaho la hlongwa.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 40:17
9 Referencias Cruzadas  

Kgwedi ena e tla ba kgwedi ya pele ho lona, e be yona eo le qalang dikgwedi tsa ngwaha ka yona.


Moshe a etsa jwalo; a etsa tsohle kamoo Jehova a mo laetseng kateng.


Moshe a hloma tabernakele, a bea didulwana, a bea le dipolanka, a bea le maballo, a emisa ditshiya.


Ka selemo sa bobedi sa ho tloha ha bona lefatsheng la Egepeta, ka tsatsi la pele la kgwedi ya bobedi, Jehova a bua le Moshe, lefeelleng la Sinai, ka tenteng ya pokano, a re:


Ka tsatsi la mashome a mabedi la kgwedi ya bobedi, ka selemo sa bobedi, leru la phahama, la tloha tabernakeleng ya bopaki;


Ka letsatsi leo Moshe a qetang ho emisa tabernakele, a e tlotsa, a e halaletsa le mesebetsi yohle ya yona, le aletare, le mesebetsi yohle ya yona; a di tlotsa, mme a di kgetha.


Ka kgwedi ya pele ya selemo sa bobedi hobane Baiseraele ba tlohe Egepeta, Jehova a bua le Moshe feelleng la Sinai, a re:


Ka tsatsi leo ho emisitsweng tabernakele ka lona, leru la kgurumetsa tabernakele, e leng tente ya bopaki; mantsiboya ha eba hoo e kang mollo hodima tabernakele ho fihlela hosasa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos