Bana ba Iseraele ba tloha Ramsese, ba ya Sukkothe, e le banna ba maoto ba dikete tse makgolo a tsheletseng, kantle ho bana.
Numere 1:2 - Sesotho 1909/1961 (SO) Balang phutheho yohle ya bana ba Iseraele, ka matlo a bona le ka matlo a bontata bona; o ngole ka bonngwe mabitso a ba batona bohle, e leng a Baiseraele bohle ba ka yang ntweng, BIBELE “Balang setjhaba sohle sa bana ba Iseraele ka malapa abo bona, le ka matlo a bo-ntata bona, ho ya ka palo ya mabitso a banna bohle. |
Bana ba Iseraele ba tloha Ramsese, ba ya Sukkothe, e le banna ba maoto ba dikete tse makgolo a tsheletseng, kantle ho bana.
Etlare ha o bala bana ba Iseraele ho tseba palo ya bona, e mong le e mong a tle a ntshetse moya wa hae topollo, pela Jehova, mohla ba balwang, hore ba se ke ba welwa ke bolwetse, mohla ba balwang.
Haele silefera ya bohle ba phutheho ba badilweng, ya eba ditalenta tse lekgolo le nang le dishekele tse sekete se nang le makgolo a supileng a mashome a supileng a metso e mehlano, ha ho uwa ka shekele ya sehalalelo;
ya eba beka bakeng sa e mong le e mong, halofo ya shekele, ha ho uwa ka shekele ya sehalalelo, bakeng sa bohle ba badilweng, ho tloha ho ba dilemo tse mashome a mabedi le ho ya pele, ba etsa dikete tse makgolo a tsheletseng a metso e meraro tse nang le makgolo a mahlano a mashome a mahlano.
ba mema phutheho yohle ka tsatsi la pele la kgwedi ya bobedi; e mong le e mong a bolela lesika la hae, ka ntlo ya hae, le ka ntlo ea bontatae; ha ngolwa ka bonngwe mabitso wohle a bona, ho qala ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho isa ho ba fetang moo.
Ho bara ba Simeone, ha ngolwa ka meloko ya bona, le ka matlo a bona, le ka matlo a bontata bona, mabitso a ba batona bohle ka bonngwe, ho qala ka ba dilemo tse mashome a mabedi, ho isa ho ba fetang moo, banna bohle ba ka yang ntweng.