Yaba Salomone o bala banna bohle ba baditjhaba ba lefatsheng la Iseraele, kamoo ba neng ba se ba badilwe ke ntatae Davida kateng, a fihlela ho le banna ba dikete tse lekgolo le nang le mashome a mahlano a metso e meraro tse tswang ka makgolo a tsheletseng.
Balang phutheho yohle ya bana ba Iseraele, ka matlo a bona le ka matlo a bontata bona; o ngole ka bonngwe mabitso a ba batona bohle, e leng a Baiseraele bohle ba ka yang ntweng,
Bana ba Iseraele ba etsa tsohle kamoo Jehova a di laetseng Moshe kateng. Ba ne ba emisa jwalo mabapa le difolaga tsa bona, mme ba ne ba tloha jwalo, e mong le e mong ka ntlo ya hae le ka ntlo ya bontatae.