Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 38:26 - Sesotho 1909/1961 (SO)

26 ya eba beka bakeng sa e mong le e mong, halofo ya shekele, ha ho uwa ka shekele ya sehalalelo, bakeng sa bohle ba badilweng, ho tloha ho ba dilemo tse mashome a mabedi le ho ya pele, ba etsa dikete tse makgolo a tsheletseng a metso e meraro tse nang le makgolo a mahlano a mashome a mahlano.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

26 Motho ka mong wa ba badilweng, ho qala ka ya dilemo tse mashome a mabedi, ho ya hodimo, a ntsha keramo tse tsheletseng, tse lekantsweng ka tekanyo e sebediswang ka Sehalalelong. Palo ya ba ntshitseng ya eba dikete tse makgolo a tsheletseng a metso e meraro, le makgolo a mahlano le mashome a mahlano.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 38:26
12 Referencias Cruzadas  

Bana ba Iseraele ba tloha Ramsese, ba ya Sukkothe, e le banna ba maoto ba dikete tse makgolo a tsheletseng, kantle ho bana.


Etlare ha o bala bana ba Iseraele ho tseba palo ya bona, e mong le e mong a tle a ntshetse moya wa hae topollo, pela Jehova, mohla ba balwang, hore ba se ke ba welwa ke bolwetse, mohla ba balwang.


Bohle ba balwang ba tla ntsha hona: ba ntshe halofo ya shekele (ka ho ya ka shekele ya sehalalelo, e leng shekele e nang le gera tse mashome a mabedi), ke re, halofo ya shekele, e be kabelo e abelwang Jehova.


Ka ditalenta tsa silefera tse lekgolo, ha tshollwa didulwana tsa sehalalelo le didulwana tsa lesira: Ha etswa didulwana tse lekgolo ka ditalenta tse lekgolo, sedulwana se seng ka talenta e le nngwe.


Balang phutheho yohle ya bana ba Iseraele, ka matlo a bona le ka matlo a bontata bona; o ngole ka bonngwe mabitso a ba batona bohle, e leng a Baiseraele bohle ba ka yang ntweng,


ho qala ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho isa ho ba fetang moo; wena le Aarone, le tle le bale palo eo ka makgotla a bona;


Ba ngotsweng bohle ya eba dikete tse makgolo a tsheletseng a metso a meraro, tse nang le makgolo a mahlano a nang le mashome a mahlano.


Ke bona bao bana ba Iseraele, ba kileng ba ngolwa ka matlo a bontata bona. Bongata jwa ba ngodilweng ba matlo ao, ka makgotla a bona, ya eba dikete tse makgolo a tsheletseng a metso e meraro, tse nang le makgolo a mahlano a mashome a mahlano.


Balang phutheho kaofela ya bana ba Iseraele, ka matlo a bontata bona, ho qala ka ba dilemo tse mashome a mabedi le ba ka pele ho moo, e leng bohle ba Iseraele ba ka yang ntweng.


Ke bona bao bara ba Iseraele ba kileng ba balwa, e leng ba dikete tse makgolo a tsheletseng a motso o mong tse nang le makgolo a supileng a mashome a a mararo.


Eitse ha ba fihla Kapernauma, ha tla ho Petrose ba bokellang didrakema, ba re ho yena: Ana moruti wa lona ha a ntshe didrakema na?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos