Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Eksoda 38:26 - BIBELE

26 Motho ka mong wa ba badilweng, ho qala ka ya dilemo tse mashome a mabedi, ho ya hodimo, a ntsha keramo tse tsheletseng, tse lekantsweng ka tekanyo e sebediswang ka Sehalalelong. Palo ya ba ntshitseng ya eba dikete tse makgolo a tsheletseng a metso e meraro, le makgolo a mahlano le mashome a mahlano.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

26 ya eba beka bakeng sa e mong le e mong, halofo ya shekele, ha ho uwa ka shekele ya sehalalelo, bakeng sa bohle ba badilweng, ho tloha ho ba dilemo tse mashome a mabedi le ho ya pele, ba etsa dikete tse makgolo a tsheletseng a metso e meraro tse nang le makgolo a mahlano a mashome a mahlano.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 38:26
12 Referencias Cruzadas  

Bana ba Iseraele ba tsamaya ho tloha Ramesese ho ya fihla Sukote, e le banna ba ditaaso ba dikete tse makgolo a tsheletseng, ho sa balwe bana.


“Ha o bala bana ba Iseraele hore ba tle ba ngodiswe, motho ka mong wa bona a ntshetse Morena seabo se lopollang bophelo ba hae, hore a se ke a welwa ke sewa ha ba ntse ba ngodiswa.


Ba tla fana ka hona: bohle ba fetelang sehlopheng sa ba seng ba ngodisitswe, ba tla ntsha silefera e etsang boima ba dikeramo tse hlano le halofo motho ka mong, ho ya kamoo e balwang kateng Sehalalelong. Digera tse mashome a mabedi ke dikeramo tse leshome le motso o mong; jwale dikeramo tse hlano le halofo e tla ba seabo se ntshetswang Morena.


Ho ile ha sebediswa silefera e etsang boima ba dikilo tse dikete tse tharo le makgolo a mane, ho etsa ditshehetso tsa Sehalalelo, le ditshehetso tsa lesira: ditshehetso tse lekgolo tsa etswa ka silefera e etsang boima ba dikilo tse dikete tse tharo le makgolo a mane; setshehetso ka seng sa etswa ka silefera e etsang boima ba dikilo tse mashome a mararo a metso e mene.


“Balang setjhaba sohle sa bana ba Iseraele ka malapa abo bona, le ka matlo a bo-ntata bona, ho ya ka palo ya mabitso a banna bohle.


Wena le Arone le bale banna bohle bao e ka bang bahlabani ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mabedi, ho ya hodimo; le ba bale ka mabotho a bona.


Bohle ba ileng ba balwa ya eba dikete tse makgolo a tsheletseng le metso e meraro le makgolo a mahlano le mashome a mahlano.


Bana ke bana ba Iseraele ba ileng ba balwa, ho ya ka matlo a bo-ntata bona. Bohle ba mekgetho ba badilweng ho ya ka mabitso a bona ya eba dikete tse makgolo a tsheletseng le metso e meraro le makgolo a mahlano le mashome a mahlano.


“Balang setjhaba sohle sa bana ba Iseraele, ka malapa abo bona, ho tloha ka ba nang le dilemo tse mashome a mabedi ho ya hodimo, bohle bao e ka bang bahlabani ba Iseraele.”


Palo ya bana ba Iseraele ba badilweng e ne e le dikete tse makgolo a tsheletseng le motso o le mong le makgolo a supileng le mashome a mararo.


Ha ba fihla Kaperenauma, babokelli ba lekgetho la Tempele ba tla ho Petrose, ba re: “Na moruti wa lona o ntsha lekgetho la Tempele?”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos