Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 30:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Etlare ha o bala bana ba Iseraele ho tseba palo ya bona, e mong le e mong a tle a ntshetse moya wa hae topollo, pela Jehova, mohla ba balwang, hore ba se ke ba welwa ke bolwetse, mohla ba balwang.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

12 “Ha o bala bana ba Iseraele hore ba tle ba ngodiswe, motho ka mong wa bona a ntshetse Morena seabo se lopollang bophelo ba hae, hore a se ke a welwa ke sewa ha ba ntse ba ngodiswa.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 30:12
21 Referencias Cruzadas  

Yaba Satane o tsohela Iseraele matla, mme a susumetsa Davida hore a bale Baiseraele.


kapa lemo tse tharo tsa tlala, kapa kgwedi tse tharo tsa ho bolawa ke dira tsa hao, o qetwe ke sabole ya ba o hloileng, kapa tshiu tse tharo tseo ka tsona lerumo la Jehova le lefu la sewa le tla senya naheng ya Baiseraele, mme lengeloi la Jehova le tla timetsa batho naheng yohle ya bona. Jwale, bona hore na ke tla busetsa karabo efe ho ya nthomileng!


Jehova a romela lefu le leng la sewa Iseraeleng, mme ha eshwa batho ba dikete tse mashome a supileng ba Iseraele.


Joabe a re: Jehova a ke a atise setjhaba, se ke se fete bongata ba sona ba jwale halekgolo! Oho, morena, monga ka, ha ke re, kaofela ha bona ke bahlanka ba monga ka na? Ke ka baka lang ha monga ka a batla hoo? Na o rata keng ho bea molato hodima Baiseraele?


Joabe, mora Tseruja, o ne a qadile ho ba bala, empa a sa ka a phetha, hobane Jehova o ne a halefetse Iseraele, ka baka la palo eo; ke kahoo palo e sa kang ya kena mangolong a morena Davida a ngolwang ka letsatsi le leng le le leng.


Yaba morena o bitsa Jehojada, moprista e moholo, a re ho yena: Na ha o a ka wa bona keng hore Balevi ba late Juda le Jerusalema lekgetho le laetsweng ke Moshe, mohlanka wa Jehova, le beetsweng phutheho ya Iseraele, hore le ntshetswe tente ya bopaki na?


Ha tumiswa naheng ya Juda le Jerusalema hore ho tliswe ho Jehova lekgetho leo Moshe, mohlanka wa Modimo, a neng a le beetse Iseraele a sa le nahathothe.


eba Modimo o a mo hauhela, mme o re ho lona: Mo namole, a tle a se ke a theohela lebitleng, ke bone se ka mo lopollang.


Empa bohale ba hao bo se ke ba o isa nyefolong, mme boholo ba tefo eo o ka e ntshang bo se ke ba o kgelosa.


Ha ho le a mong wa bona ya ka tsebang ho lopolla ngwanabo, leha e le ho ntshetsa Modimo topollo bakeng sa hae.


Hape, Jehova a bolella Moshe, a re:


Bahlanka ba hao ba badile bahlabani ba neng ba le taolong ya rona, mme ha ho le a mong wa rona ya hlokahalang.


Re tliseditse Jehova nyehelo ya dintho tsa kgauta tseo e mong le e mong wa rona a di fumaneng, maqakatsa, le dipetja, le masale a menwana le a mmofa, le matjekwana, ho tle ho etsetswe meya ya rona pheko pela Jehova.


jwaloka Mora motho, ya sa kang a tlela ho sebeletswa, empa e le ho sebeletsa le ho neela bophelo ba hae ho ba topollo ya ba bangata.


hobane le yena Mora motho ha a ka a tlela ho sebeletswa, empa e le ho sebeletsa, le ho neela bophelo ba hae ho ba topollo ya ba bangata.


ya ineetseng ho ba topollo ya bohle. Ke boo bopaki bo beilweng mehleng ya teng,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos