Eksoda 30:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)13 Bohle ba balwang ba tla ntsha hona: ba ntshe halofo ya shekele (ka ho ya ka shekele ya sehalalelo, e leng shekele e nang le gera tse mashome a mabedi), ke re, halofo ya shekele, e be kabelo e abelwang Jehova. Ver CapítuloBIBELE13 Ba tla fana ka hona: bohle ba fetelang sehlopheng sa ba seng ba ngodisitswe, ba tla ntsha silefera e etsang boima ba dikeramo tse hlano le halofo motho ka mong, ho ya kamoo e balwang kateng Sehalalelong. Digera tse mashome a mabedi ke dikeramo tse leshome le motso o mong; jwale dikeramo tse hlano le halofo e tla ba seabo se ntshetswang Morena. Ver Capítulo |
Ebile Joase o re ho baprista: Haele tjhelete tsohle tse kgethilweng, tse tliswang ka tlung ya Jehova, le ditjhelete tse ntshwang ke e mong le e mong wa setjhaba, e leng ditjhelete tseo motho ka mong a lekanngwang ka tsona, le ditjhelete tsohle tseo motho a ikgopolelang ka pelong ya hae ho di tlisa ka tlung ya Jehova,
Ekare ha e mong a etsa ho sa lokang, mme a seba ka ho se tsebe, ka ho fotha ntho ho tse kgethetsweng Jehova, o tla hlahisetsa Jehova sehlabelo sa molato wa hae, e leng pheleu e se nang sekodi ya mohlape wa hae, ka ho ya ka tekanyetso eo o tla e lekanya ka dishekele tsa silefera, e leng ka shekele ya sehalalelo, e be sehlabelo sa molato.