Iseraele a bona matla a maholo ao Jehova a a bonahaditseng ho Baegepeta, mme setjhaba sa tshaba Jehova, sa dumela Jehova le Moshe, mohlanka wa hae.
Nehemia 9:9 - Sesotho 1909/1961 (SO) O ne a bone mahlomola a bontata rona ha ba le Egepeta, mme wa utlwa mehoweletso ya bona ha ba le pela Lewatle le Lefubedu, BIBELE “O bone matshwenyeho a bo-ntata rona, Egepeta, wa utlwa sello sa bona Lewatleng le Lefubedu. |
Iseraele a bona matla a maholo ao Jehova a a bonahaditseng ho Baegepeta, mme setjhaba sa tshaba Jehova, sa dumela Jehova le Moshe, mohlanka wa hae.
Tsamaya, o phuthe baholo ba Iseraele, o re ho bona: Jehova, Modimo wa bontata lona, Modimo wa Abrahama, wa Isaaka le wa Jakobo, o iponahaditse ho nna, wa re: Ho le lekola, ke le lekotse; ke bone seo le se etswang Egepeta;
mohlang oo, ke ne ke ba emiseditse letsoho la ka, ka re, ke tla ba ntsha naheng ya Egepeta, ke ba ise naheng eo ke ba batletseng yona, e kollang lebese le dinotshi, e leng e ntlentle hara dinaha tsohle;
Ke hlile ke bontshisitse dihloriso tsa setjhaba sa ka se Egepeta, le ho dumaduma ha bona ke ho utlwile, mme ke theohetse ho ba namolela; tloo jwale, ke o rome Egepeta.
Empa setjhaba se di entseng makgoba, ke tla se ahlola, ho bolela Modimo; kamora tseo di tla tloha teng, mme di tla ntshebeletsa naheng ena.