Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Eksoda 14:31 - Sesotho 1909/1961 (SO)

31 Iseraele a bona matla a maholo ao Jehova a a bonahaditseng ho Baegepeta, mme setjhaba sa tshaba Jehova, sa dumela Jehova le Moshe, mohlanka wa hae.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

31 Baiseraele ba bona letsoho le matla la Morena, le ileng la hlola Baegepeta. Setjhaba sa tshaba Morena, mme sa dumela ho Morena, le ho Moshe, mohlanka wa hae.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 14:31
18 Referencias Cruzadas  

Ba tsoha e sa le hosasa, mme ba tswela nqa lefeelleng la Tekowa; ba re ba sa tswa, Josafate a ema, a re: Mmameleng, lona Bajuda, le lona baahi ba Jerusalema! Ke re: Tshepang Jehova, Modimo wa lona, le tle le tiye; le dumele baporofeta ba hae, le tle le atlehe.


O ne a bone mahlomola a bontata rona ha ba le Egepeta, mme wa utlwa mehoweletso ya bona ha ba le pela Lewatle le Lefubedu,


Mmele wa ka o tlakasela ke ho o tshaba; ke tshaba dikahlolo tsa hao.


Moshe a busetsa karabo ya setjhaba ho Jehova.


Setjhaba sa dumela, sa utlwa hoba Jehova o etetse bana ba Iseraele, le hobane o tadimile ho hloreha ha bona; mme ba inama, ba rapela.


Ba majweng, ke bao e reng ha ba utlwile, ba amohele lentswe ka thabo; empa bao ha ba na metso, ke ba dumelang ka mehla e seng mekae; mme ere mohla moleko, ba kwenehe.


Ba bangata hara Bajuda ba neng ba tlile ho Maria, ha ba bona tse entsweng ke Jesu, ba dumela ho yena.


Mohlolo ona, oo Jesu a qadileng ka wona, o ne a o etse Kana wa Galelea; a bontsha kganya ya hae, mme barutuwa ba hae ba dumela ho yena.


Le yena Simone a dumela, mme a kolobetswa; o ne a kgomarela Filipi; mme o ne a tsota ha a bona mehlolo le meeka e mengata e etswang.


Haele Moshe, o fela a bile kgabane ka tlung yohle ya Modimo, ka mokgwa wa mohlanka, ho behela batho tse neng di tshwanetse ho bolelwa.


Ba mpa ba howeletsa ho Jehova, mme a kenya lefifi mahareng a lona le Baegepeta; a ba apesa ka lewatle, a ba kgurumetsa, mme mahlo a lona a bone seo ke se entseng ho Baegepeta, la ntoo tla la hlola matsatsi a mangata lefeelleng.


Tsatsing lona leo, Jehova a hodisa Joshua pepeneneng ho Baiseraele bohle; ba mo tshaba ke hona ka tshiu tsohle tsa ho phela ha hae, jwalokaha ba ne ba tshabile Moshe.


E le hore tjhaba tsohle tsa lefatshe di tle di tsebe letsoho la Jehova hobane le matla, le hore le tshabe Jehova, Modimo wa lona, kamehla.


Emang jwale, le bone taba e kgolo ena eo Jehova a tla e etsa pela mahlo a lona.


Yaba Samuele o bitsa ho Jehova, mme Jehova a dumisa diaduma, a nesa le pula tsatsing leo, mme setjhaba sohle sa tshaba Jehova le Samuele haholo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos