Empa bontata rona ba ikgohomosa; ba satalatsa melala ya bona, mme ha ba ka ba utlwa ditaelo tsa hao;
Nehemia 9:10 - Sesotho 1909/1961 (SO) wa etsa dipontsho le mehlolo hodima Faro le hodima bahlanka ba hae bohle le hodima setjhaba sohle sa lefatshe la hae; hobane o ne o tseba kamoo ba ba entseng ka boikgohomoso kateng; yaba o iketsetsa botumo kamoo bo ntseng bo le kateng le kajeno. BIBELE Wa etsetsa Faro dipontsho le dimakatso, wa di etsetsa bahlanka ba hae, wa di etsetsa le tjhaba sohle sa naha ya hae, hobane o no tseba boikalatiso ba bona, kamoo ba ikalatisetsang bona kateng. Bitso la hao la tuma, jwalokaha le tumile kajeno. |
Empa bontata rona ba ikgohomosa; ba satalatsa melala ya bona, mme ha ba ka ba utlwa ditaelo tsa hao;
O pakile hara bona, hore o boele o ba sokollele molaong wa hao; ba mpa ba ikakasitse, ba hanne ho utlwa melao ya hao, ba sitetswe ditaelo tsa hao, tseo motho a tla phela ke tsona ha a etsa ka tsona, ba hlahisitse lehetla le hanang joko, ba sataladitse melala ya bona, ba se ke ba mamela letho.
Ba tle ba tsebe hore wena, eo lebitso la hao e leng Jehova, o rena o nnotshi lefatsheng lohle.
Jwale, ke a tseba hobane Jehova o moholo ho medimo e meng kaofela, hobane o ba hlotse tabeng eo ba neng ba ikgantshitse ka yona.
Empa ke tla otlolla letsoho la ka, ke otle Egepeta ka mehlolo yohle ya ka, eo ke tla e etsa teng, mme kamorao o tla le tlohela, le tsamaye.
Yaba Faro o re: Jehova ke mang hore ke utlwe lentswe la hae, mme ke lokolle Iseraele? Jehova ha ke mo tsebe, le Iseraele nke ke ka mo lokolla.
Jehova a re ho Moshe: Bona, ke o beile Modimo ho Faro, mme Aarone moholwane wa hao, e tla ba moporofeta wa hao.
Empa ke o tloheletse hona hoo, ke bonahatse matla a ka ka wena, le hore lebitso la ka le tume lefatsheng lohle.
O bone taba tse ngata, empa ha o a ka wa di lemoha; ditsebe di ne di thibolotswe, empa o ne o sa mamele.
ya neng a ema ho le letona la Moshe, a ba tsamaisa ka letsoho le kganyang la hae, a arola metsi pela bona, a tle a iketsetse lebitso le tumileng ka ho sa feleng;
Jwaloka dikgomo ha di theohela thoteng, moya wa Jehova o ba finyeleditse phomolong jwalo: ke ka mokgwa oo o tsamaisitseng setjhaba sa hao, hore o iketsetse lebitso le kganyang.
ke wena ya entseng dipontsho le mehlolo lefatsheng la Egepeta, le Iseraeleng, le hara batho, ho fihlela tsatsi lena; o iketseditse lebitso leo, le kajeno le sa le teng.
Ka mpa ka etsa ka baka la lebitso la ka, hore ke se ke ka le hlompholla pela ditjhaba tseo ba neng ba le ho tsona, tseo ke neng ke ipoletse ho bona pela tsona, ka re, ke tla ba ntsha naheng ya Egepeta.
Jwale, nna Nebukadnesare, ke a rorisa, ke a boka, ke hodisa Morena wa lehodimo, hobane ketso tsa hae kaofela ke tsa nnete, tsela tsa hae ke ho loka, mme o na le matla a ho kokobetsa ba tsamayang ka tsela ya boikgohomoso.
o ikgantsheditse Monghadi wa lehodimo, mehope ya ntlo ya hae e tlisitswe pela hao, mme wena, le mahosana a hao, le basadi ba hao, le dinyatsi tsa hao, le nwetse veine mehopeng eo, wa ba wa roka medimo ya silefera, le ya kgauta, le ya koporo, le ya tshepe, le ya mahong, le ya majwe, e sa boneng, e sa utlweng, e sa tsebeng letho, mme Modimo o fuparetseng phefumoloho ya hao letsohong la wona, o busang tsohle tse tla o hlahela, ha o a ka wa o hlonepha.
Mme jwale, Jehova, Modimo wa rona, wena ya ntshitseng setjhaba sa hao naheng ya Egepeta ka letsoho le matla, ya iketseditseng lebitso le tumileng le kajeno, re sitilwe, re entse ka bolotsana.
Ke yena ya ba ntshitseng Egepeta, a etsa mehlolo le meeka Egepeta, le Lewatleng le Lefubedu, le lefeelleng, ka dilemo tse mashome a mane.
Hobane Lengolo le itse ho Faro: Seo ke o hlahisitseng ka baka la sona, ke hore ke bonahatse matla a ka ka wena, mme ke tumise lebitso la ka ka wena lefatsheng lohle.
Kapa a o teng Modimo o mong o kileng wa leka ho tla inkela setjhaba ka hara setjhaba se seng, ka meleko, le ka dipontsho, le ka mehlolo, le ka ntwa, le ka letsoho le matla, le ka letsoho le otlolohileng, le ka matsoso a maholo, jwalokaha Jehova, Modimo wa lona, a le etseditse tsohle tse jwalo Egepeta, pela mahlo a lona na?
Hopola meleko e meholo eo o e boneng ka mahlo a hao, le dipontsho, le mehlolo, le letsoho le matla, le letsoho le otlolohileng, tseo Jehova, Modimo wa hao, a o ntshitseng Egepeta ka tsona: Jehova, Modimo wa hao, o tla etsa jwalo ho ditjhaba tsohle tseo le di tshabang.
Le lona ba batjha, ipeeng katlase ho ba baholo, mme le apare bohle boikokobetso, le ntse le ipea e mong katlase ho e mong; hobane Modimo o hanela ba ikgohomosang, empa o hauhela ba ikokobetsang.