Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 18:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Jwale, ke a tseba hobane Jehova o moholo ho medimo e meng kaofela, hobane o ba hlotse tabeng eo ba neng ba ikgantshitse ka yona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 Jwale ke a tseba hore Morena o moholo ho feta medimo yohle, hobane ruri o lopolotse setjhaba sa hae ho ba neng ba ikgantshetsa sona.”

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 18:11
30 Referencias Cruzadas  

Mosadi a re ho Elia: Ke a tseba jwale hobane o monna wa Modimo, le hobane polelo ya Jehova, e molomong wa hao, ke ya nnete.


A kgutlela ho monna wa Modimo, a ena le sehlopha sa hae kaofela, a tla, a ema pela hae, a re: Bona, ke a tseba hobane ha ho Modimo lefatsheng lohle, haese Iseraeleng; jwale ke re, o amohele teboho ya mohlanka wa hao.


Hobane Jehova o moholo, mme o lokelwa ke ho roriswa ka ho fetisisa; o tshabeha ho fetisa medimo kaofela;


Ntlo eo ke tla e haha, e tla ba kgolo, etswe Modimo wa rona o moholo ho medimo yohle.


wa etsa dipontsho le mehlolo hodima Faro le hodima bahlanka ba hae bohle le hodima setjhaba sohle sa lefatshe la hae; hobane o ne o tseba kamoo ba ba entseng ka boikgohomoso kateng; yaba o iketsetsa botumo kamoo bo ntseng bo le kateng le kajeno.


Empa bontata rona ba ikgohomosa; ba satalatsa melala ya bona, mme ha ba ka ba utlwa ditaelo tsa hao;


O pakile hara bona, hore o boele o ba sokollele molaong wa hao; ba mpa ba ikakasitse, ba hanne ho utlwa melao ya hao, ba sitetswe ditaelo tsa hao, tseo motho a tla phela ke tsona ha a etsa ka tsona, ba hlahisitse lehetla le hanang joko, ba sataladitse melala ya bona, ba se ke ba mamela letho.


O laya baikakasi, e leng batho ba rohakilweng, ba fapohang ditaelo tsa hao.


Hobane ke tseba hoba Jehova o moholo, Morena wa rona o moholo haholo ho fetisa medimo yohle;


Ratang Jehova, lona bakgethwa bohle ba hae! Jehova o boloka batshepehi, o otla baikgohomosi ka ho fetisisa.


Hobane Jehova ke Modimo o moholo, ke Morena e moholo ya fetang medimo yohle;


Hobane, Jehova o Mookamedi ya phahameng, ya renang hodima lefatshe lohle; o phahamile haholoholo ho fetisa medimo kaofela.


Tloong, re se etsetseng ka bohlale, se tle se se ke sa ngatafala, mme ya tla ya re ha ntwa e ka tsoha, sa tlatsana le dira tsa rona, sa re lwantsha, mme sa tloha naheng ena.


a re: Ha le belehisa basadi ba Baheberu, mme le bona hoba ba se ba ya beleha, ere ha e le ngwana e motona, le mmolaye, mme ha ekaba ke ngwana wa mosetsana, a pholohe.


Yaba Faro o laela setjhaba sa hae kaofela a re: Bana bohle ba batona ba hlahang, le tle le ba lahlele nokeng, mme bana bohle ba batshehadi le ba tlohele.


Yaba Moshe le Aarone ba ya ho Faro, ba re ho yena: Ho thwe ke Jehova, Modimo wa Baheberu: O tla hana ho fihlela neng ho ikokobetsa pela ka? Lokolla setjhaba sa ka, se ye ho ntshebeletsa.


Ka bosiu boo, ke tla haola ka naha ya Egepeta, ke otle matsibolo kaofela a naha ya Egepeta, a batho le a diphoofolo, mme ke tla hlahisa dikahlolo hodima medimo ya Egepeta. Ke nna Jehova.


Baegepeta ba tla tseba hoba ke nna Jehova, ha ke tlotlehile ka Faro, ka makoloi a hae, le ka bapalami ba hae.


Jehova a thatafatsa pelo ya Faro, morena wa Egepeta, hore a phallele bana ba Iseraele; hobane bana ba Iseraele ba ne ba tswile ka letsoho le phahameng.


Ke mang ya ka ka wena Jehova, hara medimo? Ke mang ya kganyang ka hlweko jwaloka wena? O tshabeha ka dithoko, o etsa mehlolo.


Yaba Faro o re: Jehova ke mang hore ke utlwe lentswe la hae, mme ke lokolle Iseraele? Jehova ha ke mo tsebe, le Iseraele nke ke ka mo lokolla.


Le se ke la hlola le nea setjhaba setroi ho etsa setene, jwaloka pele; a ba mpe ba ye ba ipatlele setroi e le bona.


Jwale, nna Nebukadnesare, ke a rorisa, ke a boka, ke hodisa Morena wa lehodimo, hobane ketso tsa hae kaofela ke tsa nnete, tsela tsa hae ke ho loka, mme o na le matla a ho kokobetsa ba tsamayang ka tsela ya boikgohomoso.


ha Baegepeta ba ntse ba epela matsibolo wohle, ao Jehova a a bolaileng hara bona, mohla Jehova a neng a hlahise dikahlolo hodima medimo ya bona.


O sebeditse ka matla ka letsoho la hae; o qhalantse ba ikgohomositseng mehopolong ya dipelo tsa bona;


Athe o re ekeletsa tshitso, mme ke ka baka leo Lengolo le reng: Modimo o hanela baikgohomosi, empa o hauhela ba ikokobetsang.


Le lona ba batjha, ipeeng katlase ho ba baholo, mme le apare bohle boikokobetso, le ntse le ipea e mong katlase ho e mong; hobane Modimo o hanela ba ikgohomosang, empa o hauhela ba ikokobetsang.


Le se ke la hlola le bua ka boikgohomoso, boikgantsho bo se ke ba tswa melomong ya lona; hobane Jehova ke Modimo o tsebang, mme diketso di lekanngwa ke yena.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos