La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Nehemia 8:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Kahoo, setjhaba sa ya lata makala, mme ba iketsetsa metlotlwane, e mong le e mong hodima ntlo ya hae, kapa lebaleng la hae, le mabaleng a ntlo ya Modimo, le lepatlelong la monyako wa Metsi, le lepatlelong la monyako wa Efraime.

Ver Capítulo

BIBELE

Yaba setjhaba se a ya, se tla le makala ao. Sa iketsetsa maphephe; batho ba iketsetsa maphephe kahodima marulelo a matlo a bona, le ka mabaleng a bona, le ka mabaleng a Tempele ya Modimo, le lebaleng la Monyako wa Metsi, le lebaleng la Monyako wa Efraime.

Ver Capítulo



Nehemia 8:16
12 Referencias Cruzadas  

Ka tsatsi le leng, mantsiboya, Davida a tsoha diphateng tsa hae, a ya itsamaela hodima ntlo ya borena. Ha a le hodima ntlo, a bona mosadi ya tolang, e le mosadi e motle haholo.


Amatsia, morena wa Juda, mora Joase, mora Akasia, a tshwarwa ke Joase, morena wa Iseraele, Bethe-Shemeshe. Joase a ba a tla Jerusalema, a etsa sekgeo lerakong la Jerusalema, ho tloha monyakong wa Efraime, ho isa monyakong wa Kou, motopo wa sona e le ditswe tse makgolo a mane.


Josafate a ema phuthehong ya Juda le Jerusalema, tlung ya Jehova, pela mathule a matjha, a re:


A hahela le makgotla wohle a lehodimo dialetare mabaleng a mabedi a ntlo ya Jehova.


Eitse ha ba fihla monyakong wa Sediba, maloka le moo ba leng teng, ba ehlwa ka methati ya motse wa Davida ka moepa wa lerako le okametseng ntlo ya Davida, ho ya fihla monyakong wa Metsi, nqa botjhabatsatsi.


le kahodimo ho monyako wa Efraime, le monyako wa Kgale, le monyako wa Dihlapi, le tora ya Kananeele, le tora ya Hammea, ho ya fihla monyakong wa Dinku, mme ba ema monyakong wa Teronko.


Kapele ho eo, ha haha Pedaia, mora Pareoshe. Le bona Banethinime ba haha moo ba dutseng teng, leralleng, ho ya fihla maloka le monyako wa Metsi nqa botjhabatsatsi, e maloka le tora e hlahelang kantle.


Jwale setjhaba kaofela sa phuthehela lepatlelong le pela monyako wa Metsi, jwaloka hoja ke motho a le mong, sa bolella Esdrase, mongodi, hore a tlise buka ya molao wa Moshe, oo Jehova a o laetseng Iseraele.


a bala teng lepatlelong le pela monyako wa Metsi, a qala e sa le ka meso, ya ba ya eba motshehare, pontsheng ya banna le basadi le ya ba seng ba ena le kelello ya basadi le ya ba seng ba ena le kelello ya ho utlwisisa; mme setjhaba kaofela sa nna sa sekehela buka ya molao ditsebe.


Matlo a Jerusalema le matlo a marena a Juda a tla ba ditshila jwaloka nqalo ya Tofethe; e leng matlo kaofela ao ba hlwellang hodima wona ho tjhesetsa lekgotla lohle la lehodimo dibano le ho tshollela medimo esele dino.


Bakalde ba lwantshang motse ona, ba tla kena, ba tjhese motse ona, ba o tjhese ka mollo, le wona matlo ao ba tjheseditseng Baale dibano hodima wona, mme ba tsholetse teng medimo esele dino, ba tle ba mphephetse.


Etlere ha o haha ntlo e ntjha, o tle o etse lehora le potang marulelo a hao, esere mohlomong ntlo ya hlahelwa ke molato wa madi a motho ya leng hodima yona, a wela fatshe.