Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Nehemia 12:39 - Sesotho 1909/1961 (SO)

39 le kahodimo ho monyako wa Efraime, le monyako wa Kgale, le monyako wa Dihlapi, le tora ya Kananeele, le tora ya Hammea, ho ya fihla monyakong wa Dinku, mme ba ema monyakong wa Teronko.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

39 le kahodima Monyako wa Efraime, le kahodimo ho Monyako wa Kgale, le kahodima Monyako wa Ditlhapi, le Tora ya Hananele, le Tora ya Mea, ho ya fihla Monyakong wa Dinku. Batho bana ba fihla ba ema Monyakong wa Tjhankana.

Ver Capítulo Copiar




Nehemia 12:39
12 Referencias Cruzadas  

Amatsia, morena wa Juda, mora Joase, mora Akasia, a tshwarwa ke Joase, morena wa Iseraele, Bethe-Shemeshe. Joase a ba a tla Jerusalema, a etsa sekgeo lerakong la Jerusalema, ho tloha monyakong wa Efraime, ho isa monyakong wa Kou, motopo wa sona e le ditswe tse makgolo a mane.


Dihlopha tse pedi tse binang tsa ema pela ntlo ya Modimo, le nna ka ema jwalo re ena le karolo e nngwe ya mahosana,


Yaba Eliashibe, moprista e moholo, le baprista banababo, ba tloha, ba haha monyako wa Dinku; ba o kgethela Jehova, mme ba kenya mamati a wona; hape, ba kgethela Jehova sekoto sa lerako ho isa toreng ya Hammea, le ho isa toreng ya Hananeele.


Palale, mora Usai, yena a qala mabapa le kou le tora e hlahelang kantle pela ntlo e phahameng ya morena, e okametseng lebala la teronko.


Monyako ya Dihlapi wona wa hahuwa ke bara ba Hassenaa; ba etsa difate tsa wona, ba kenya le mamati le dinotlolo le mekwallo.


Monyako wa Kgale wona wa lokiswa ke Jojada, mora Pasea, le Meshullame, mora Besodia; ba bea difate tsa wona, mme ba kenya mamati le dinotlolo le mekwallo.


Kahoo, setjhaba sa ya lata makala, mme ba iketsetsa metlotlwane, e mong le e mong hodima ntlo ya hae, kapa lebaleng la hae, le mabaleng a ntlo ya Modimo, le lepatlelong la monyako wa Metsi, le lepatlelong la monyako wa Efraime.


Bonang, ho bolela Jehova, ho tla matsatsi ao motse o tlang ho hahelwa Jehova ka wona, ho nka toreng ya Hananeele ho isa monyakong wa Kou.


Makgotla a morena wa Babilona a ne a thibeletse Jerusalema, mme moporofeta Jeremia o ne a kwaletswe lebaleng la teronko e neng e le ka tlung ya morena wa Juda;


Tsatsing leo, ho bolela Jehova, ho tla utlwahala mohoo o tswang monyakong wa Dihlapi, le seboko se tswang Mishne, le tshenyeho e kgolo e maralleng.


Letsha le teetsweng hare ke mekgoro e mehlano le ne le le teng Jerusalema, monyakong wa Dinku, le bitswang Bethesda ka Seheberu.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos