Nehemia 8:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)3 a bala teng lepatlelong le pela monyako wa Metsi, a qala e sa le ka meso, ya ba ya eba motshehare, pontsheng ya banna le basadi le ya ba seng ba ena le kelello ya basadi le ya ba seng ba ena le kelello ya ho utlwisisa; mme setjhaba kaofela sa nna sa sekehela buka ya molao ditsebe. Ver CapítuloBIBELE3 A o balla banna, le basadi, le batho ba nang le kutlwisiso; a o bala ho tloha hoseng ho fihlela motsheare o moholo, a le lebaleng le pela Monyako wa Metsi. Setjhaba sohle sa mamela ka hloko tse balwang Bukeng ya Molao. Ver Capítulo |
Esdrase, mongodi, o ne a eme hodima sethala sa difate se etseditsweng hono hoo. Mabapa le yena, letsohong le letona, ho ne ho eme Matthithia, le Shema, le Anaia, le Uria, le Hilkia, le Maaseia; ho le letshehadi ho no ho eme Pedaia, le Mishaele, le Malkia, le Hashume, le Hashbaddana, le Sakaria, le Meshullame.