Nehemia 5:11 - Sesotho 1909/1961 (SO) Hona kajeno, busetsang ho bona masimo a bona, le merara ya bona, le mehlware ya bona, le matlo a bona, le karolo ya lekgolo ya tjhelete, le ya koro, le ya veine e ntjha, le ya ole, eo le e nkileng ho bona ka mokgwa wa phahello. BIBELE Ke a le kopa hle: Hona jwale kgutlisetsang batho bana masimo a bona, le dirapa tsa bona tsa morara, le dirapa tsa bona tsa mohlwaare, le matlo a bona, le karolo e le nngwe, ho tse lekgolo, ya tjhelete ya bona, le ya koro ya bona, le ya veine ya bona, le ya ole ya bona, e leng tswala ya dintho tseo le di nkileng ho bona.” |
Tjhe, nna le banabeso le bahlanka ba ka, re ba adimile tjhelete le koro hodima phahello. A re leseleng hle phahello eo.
Yaba ba re: Re tla ba buseletsa tsona, mme re ke ke ra ba batla letho; re tla etsa jwalokaha o bolela. Yaba ke bitsa baprista, ka ba hlapantsha hore ba tle ba etse ka polelo eo.
Ho itima dijo hoo ke ho ratang, na hase hore o tlamolle mahlaahlela a bolotsana, o kgaole marapo a joko, o lokolle ba etseditsweng boima, o robe dijoko kaofela na?
Ha ho le jwalo, behang ditholwana tse tshwanelang pako. Le se ke la qala la re ka ho lona: Abrahama ke ntata rona; hobane ke re ho lona: Modimo o ka tsosetsa Abrahama bana le ka majwe ana.
le matlo a tletseng menono yohle, a sa kang a tlatswa ke wena, le didiba tse tjhekilweng, tseo o sa kang wa di tjheka, le merara, le mehlwaare eo o sa kang wa e hloma, mme ha o se o jele, o kgotse;
Mponeng, ke nna enwa; le mpakele pontsheng ya Jehova le pontsheng ya motlotsuwa wa hae: na ke nkile kgomo ya mang? kapa ke nkile esele ya mang? ke jele ntho ya mang? kapa ke tshwentse mang? kapa ke matsohong a mang ke amohetseng moputso hore ke foufatse mahlo a ka ka wona? Mpolelleng hle ke tle ke le kgutlisetsa ntho tseo.