Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 12:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Mponeng, ke nna enwa; le mpakele pontsheng ya Jehova le pontsheng ya motlotsuwa wa hae: na ke nkile kgomo ya mang? kapa ke nkile esele ya mang? ke jele ntho ya mang? kapa ke tshwentse mang? kapa ke matsohong a mang ke amohetseng moputso hore ke foufatse mahlo a ka ka wona? Mpolelleng hle ke tle ke le kgutlisetsa ntho tseo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 Ke nna enwa: Nqoseng kapele ho Morena, le kapele ho motlotsuwa wa hae. Ke mang eo ke nkileng pholo ya hae? Kapa ke mang eo ke nkileng tonki ya hae? Kapa ke mang eo nkileng ka mo qhekanyetsa? Ke mang eo nkileng ka mo hatella? Ke mang eo nkileng ka amohela tjotjo ho yena, e le hore ke tle ke ikgakanyetse molato wa hae? Mpolelleng, mme ke tla e kgutlisetsa ho monga yona.”

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 12:3
29 Referencias Cruzadas  

Hobane ke bolokile ditsela tsa Jehova; ha ke a ka ka kwenehela Modimo wa ka ka bolotsana;


Hona kajeno, busetsang ho bona masimo a bona, le merara ya bona, le mehlware ya bona, le matlo a bona, le karolo ya lekgolo ya tjhelete, le ya koro, le ya veine e ntjha, le ya ole, eo le e nkileng ho bona ka mokgwa wa phahello.


ha a adime tjhelete ya hae ka phahello, ha a amohele mpho ho tswa ya se nang molato. Ya etsang jwalo, a ke ke a sisinyeha le ka ho sa yeng kae.


O se ke wa lakatsa ntlo ya wa heno; o se ke wa lakatsa mosadi wa hae, leha e le mohlanka wa hae e motona, leha e le e motshehadi, leha e le kgomo ya hae, leha e le esele ya hae, leha e le ntho e nngwe e leng ya wa heno.


Ekare ha ntho e utswitsweng e fumanwa matsohong a lona e ntse e phela, kapa e leng kgomo, kapa esele, kapa konyana, o tla e lefa habedi.


O se ke wa amohela mpho; etswe mpho e foufatsa ba bontshisang, mme e kgopamisa dipuo tsa ba lokileng.


Ya ineelang leruo le sa lokang o sotofatsa ntlo ya hae; haele ya hloileng dimpho tse hokang, o tla phela.


ha a ka etsa sebe se jwalo, a etsa molato, o tla busa seo a se utswitseng, kapa seo a se nkileng ka mano, kapa se neng se beilwe ho yena, leha e le ntho eo a e thotseng, e neng e lahlehile;


kapa ntho efe le efe eo a hlapantseng ka leshano hodima yona, o tla e busa kaofela ha yona, a eketse hodima yona bohlano bo bong, mme o tla e busetsa ho monga yona ka letsatsi leo ho fumanweng molato wa hae ka lona.


Yaba Moshe o hlabeha haholo, a re ho Jehova: O se ke wa amohela nyehelo ya bona. Ha ke eso ho ba ke ba amoha leha e le esele feela, mme ha ke a senyetsa le a mong wa bona.


Ba re ho yena: Ke la Sesare. Yaba o re: Hommeng! Ntshetsang Sesare tseo e leng tsa Sesare, le ntshetse Modimo tseo e leng tsa Modimo.


Empa Sakea a ema, a re ho Morena: Bona, Morena, leruo la ka ke le arolela mafutsana kalehare; mme ha ke amohile motho ntho e nngwe ka thetso, ke busetsa ho yena tse nne.


Ha ke a ka ka lakatsa silefera, leha e le kgauta, leha e le kobo ya e mong.


Bonang, e se e le lekgetlo la boraro ke itokisetsa ho tla ho lona, mme le jwale nke ke ka le etsetsa boima; hobane ha ke batle tsa lona, empa ke batla lona; etswe e se bana ba tshwanetseng ho bokellela bontata bona, empa e le bontata batho ba tshwanetseng ho bokellela bana ba bona.


O se ke wa fapoha ho loka, mme o se ke wa ya ka tshobotsi ya batho; o se ke wa amohela dimpho; hobane mpho e foufatsa mahlo a ba bohlale, mme e kgopamisa dipolelo tsa ba lokileng.


Le dipaki, le Modimo ke yona, tsa mokgwa o halalelang, o lokileng, o se nang molato, oo re le entseng ka wona, lona ba dumetseng.


Hape, ha re a ka ra ba le polelo e le qekang le ka mohla o le mong, le lona le a tseba, leha e le mano a patang takatso ya moruo; teng re pakwa ke Modimo.


ke re: Alosang mohlape wa Modimo o ho lona, le o lebele, e eng ka ho qophellwa, e mpe e be ka ho rata; e seng ka baka la moruo o mobe, e mpe e be ka ho rata;


Yaba Samuele o nka lenaka la ole, a le tshollela hloohong ya hae, a mo aka, a re: Ha ke re, Jehova o o tlotseditse hore o be modisa wa setjhaba sa lefa la hae na?


Ba re: Ha o a ka wa re tlatlapa letho; ha o a ka wa re tshwenya, ha o a ka wa amohela letho matsohong a e mong.


A re ho bona: Jehova ke paki, le motlotsuwa wa hae ke paki kajeno pela lona ya hobane ha le a ka la fumana letho matsohong a ka. Yaba ba re: Ke dipaki.


Ke tla ipatlela moprista wa nnete, ya tla etsa kahohle kamoo ho ratang pelo ya ka le moya wa ka kateng; ke tla mo hahela ntlo e tiileng, mme o tla nne a itsamaele pela motlotsuwa wa ka, ka ho sa feleng.


Hape ntate, bona moleka wa kobo ya hao o letsohong la ka; hobane ke sehile moleka wa kobo ya hao, ke sa o bolaye; o tsebe kahoo, le ho bona hobane ha ho bobe leha e le molato ho nna; hape, ha ke eso ho o sitelwe ka letho; leha ho le jwalo, o ntse o mphallela ho nkamoha ho phela ha ka!


A re ho banna ba hae: Jehova a nkganele, ke se ke ka etsa taba e jwalo ho monga ka, motlotsuwa wa Jehova, ka isa letsoho la ka ho yena, etswe e le motlotsuwa wa Jehova.


Davida a hanela banna ba hae ka taba eo, a se ke a ba dumella ho tsohela Saule matla. Ebile Saule o tsoha fatshe, a tswa lehaheng, a ikela ka tsela ya hae.


Jehova a nthibele hore ke se ke ka isa letsoho ho motlotsuwa wa Jehova. Feela, nka lerumo le pela mosamo wa hae le nkgwana ya metsi, re tsamaye.


Davida a re ho Abishai: O se ke wa mmolaya. Ke mang ya ka isang letsoho ho motlotsuwa wa Jehova, a hloka molato na?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos