1 Samuele 12:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)4 Ba re: Ha o a ka wa re tlatlapa letho; ha o a ka wa re tshwenya, ha o a ka wa amohela letho matsohong a e mong. Ver CapítuloBIBELE4 Setjhaba sa re: “Ha o eso ka o re qhekanyetsa, kapa o re hatella, kapa o amoha motho eng kapa eng.” Ver Capítulo |
Mponeng, ke nna enwa; le mpakele pontsheng ya Jehova le pontsheng ya motlotsuwa wa hae: na ke nkile kgomo ya mang? kapa ke nkile esele ya mang? ke jele ntho ya mang? kapa ke tshwentse mang? kapa ke matsohong a mang ke amohetseng moputso hore ke foufatse mahlo a ka ka wona? Mpolelleng hle ke tle ke le kgutlisetsa ntho tseo.