Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 3:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Ha ho le jwalo, behang ditholwana tse tshwanelang pako. Le se ke la qala la re ka ho lona: Abrahama ke ntata rona; hobane ke re ho lona: Modimo o ka tsosetsa Abrahama bana le ka majwe ana.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 Behang ditholwana tse lokelang pako he, mme le se ke la qala ho re ka ho lona: ‘Re na le ntata rona, Aborahama,’ hobane ke a le bolella, ke re: Modimo a ka hlahisetsa Aborahama bana le ka majwe ana.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

8 Ka baka leo, hlahisang ditholwana tse tshwanelang pako, mme le se ke la qala ho re ka ho lona: Re na le ntata rona Abrahama;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

8 Ka baka leo, hlahisang ditholwana tse tshwanelang pako, mme le se ke la qala ho re ka ho lona: Re na le ntata rona Abrahama;

Ver Capítulo Copiar




Luka 3:8
29 Referencias Cruzadas  

Hona kajeno, busetsang ho bona masimo a bona, le merara ya bona, le mehlware ya bona, le matlo a bona, le karolo ya lekgolo ya tjhelete, le ya koro, le ya veine e ntjha, le ya ole, eo le e nkileng ho bona ka mokgwa wa phahello.


Mora motho, ba ahileng dithakong tsane, lefatsheng la Iseraele, ba bolela hore: Abrahama o ne a le mong; leha ho le jwalo, a rua lefatshe; rona, re bangata, lefatshe lena re le neilwe hore re le rue.


Ka baka leo, ke re ho lona: Mmuso wa Modimo le tla o amohuwa, mme o tla newa setjhaba se seng se tla beha ditholwana tsa wona.


Ha ho le jwalo he, behang ditholwana tse tshwanelang pako.


Mme le se ke la re ka ho lona: Abrahama ke ntata rona; hobane ke a le bolella, ke re: Modimo o ka tsosetsa Abrahama bana le ka majwe ana.


Etlare monga ntlo ha a se a tsohile, mme a kwetse monyako, lona le tla qala ho ema kantle, le ho kokota monyako, le re: Morena, Morena, re bulele! Mme o tla araba, a re ho lona: Ha ke le tsebe moo le tswang teng.


Etlaba hona le qalang ho re: Re kile ra ja, ra ba ra nwa re ena le wena, mme o rutile diterateng tsa metse ya rona.


mme ya le bitsitseng, wena le yena, a ka tla o bolella, a re: Suthela enwa tulo; mme jwale, o qale ho ya dula tulong e kamorao ka dihlong.


A ba araba, a re ho bona: Ke a le bolella, ke re: Bao ha ba ka kgutsa, majwe a ka howa.


Jesu a re ho yena: Kajeno, poloko e kene tlung ena; hobane enwa le yena ke mora wa Abrahama.


Bangodi le bafarisi ba qala ho bolela dipelong tsa bona, ba re: Enwa ke mang, ya bolelang dinyefolo? Ke mang ya nang le matla a ho tshwarela dibe, haese Modimo o nnotshi?


Ba mo araba, ba re: Re leloko la Abrahama, ha re eso ho be bahlanka ba motho le ka mohla o le mong; o bolela jwang, ha o re: Le tla lokollwa?


Ba araba, ba re ho yena: Ntata rona ke Abrahama. Jesu a re ho bona: Holane le bana ba Abrahama, le ka be le etsa mesebetsi ya Abrahama.


empa ka qala ho bolella ba Damaseka, le ba Jerusalema, le ba Judea bohle, ka ntoo bolella ditjhaba tse ding, hore bohle ba bake, ba sokolohele ho Modimo, ba ntse ba etsa mesebetsi e tshwanelang pako.


Ha ho le jwalo, majalefa ke wona ka tumelo, hore e tle e be ka mohau; pallo e tle e tiye ho leloko lohle la Abrahama; e seng ho leloko leo e leng lona ka molao feela, empa e be le ho leo e leng lona ka tumelo ya Abrahama, ntata rona bohle,


Hape, le bao e leng ba leloko la Abrahama hase bana ba hae kaofela; empa ho itswe: O tla biletswa leloko le tswang ho Isaaka:


le ntse le tletse ditholwana tsa ho loka, tse behwang ka Jesu Kreste, hore e be kganya le poko ho Modimo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos