Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 3:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 O ne a re ho matshwele a tswelang ho kolobetswa ke yena: Madinyane a marabe, le tshositswe ke mang ho balehela bohale bo tlang?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

7 Jwale a re ho matshwele a tlang ho tla kolobetswa ke yena: “Madinyane a marabe, ke mang ya le boleletseng hore le ka baleha bohale bo tlang?

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

7 Yaba o re ho matshwele a tlileng ho kolobetswa ke yena: Madinyane a marabe, ke mang ya le boleletseng ho balehela bohale bo tlang?

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

7 Yaba o re ho matshwele a tlileng ho kolobetswa ke yena: Madinyane a marabe, ke mang ya le boleletseng ho balehela bohale bo tlang?

Ver Capítulo Copiar




Luka 3:7
12 Referencias Cruzadas  

Ke tla bea hloyano mahareng a hao le mosadi, le mahareng a peo ya hao le peo ya hae; peo eo e tla o kgoba hlooho, mme o tla e loma serethe.


Ba alama mahe a marabe, ba loha bolepo ba sekgo; ya jang mahe a bona o tla shwa; ekareha le leng le pshatlwa, ho tswa marabe.


Madinyane a marabe, le ka bolela taba tse molemo jwang, le ena le lonya? Hobane molomo o buiswa ke seo pelo e tletseng sona.


Dinoha, madinyane a marabe! Le ka phema kahlolo ya dihele jwang?


mme ba kolobetswa ke yena Jordane, ba ntse ba ipolela dibe tsa bona.


Lona, le tswa ho ntata lona, e leng Diabolose, mme le rata ho phetha ditakatso tsa ntata lona. Yena ke mmolai haesale ho qaleng; ha a dule nneteng hobane ha ho nnete ho yena. Ha a bolela leshano, o ipuella tsa hae; hobane ke yena ya leshano, le ntate wa ya leshano.


a re: Wena, motho ya tletseng thetso yohle le mano a mabe wohle, mora Diabolose, sera ho tsohle tse lokileng, na o tla lesa neng ho sokanya tsela tsa Morena tse lokileng na?


le ho lebella Mora wa wona mahodimong, eo o mo tsositseng bafung, e leng Jesu ya re loetseng bohaleng bo tlang.


hore rona, ba phallelang tshepo eo re e beetsweng pele, re be le tshediso e fetisang ka ho tiya ka baka la ntho tse pedi tse sa sisinyeheng, tseo Modimo o neng o ke ke wa etsa leshano ho tsona.


ya etsang sebe ke wa Diabolose; hobane Diabolose o etsa sebe esale ho qaleng. Lebaka leo Mora Modimo a hlahileng ka lona, ke hore a fedise mesebetsi ya Diabolose.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos