Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Nehemia 5:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Yaba ba re: Re tla ba buseletsa tsona, mme re ke ke ra ba batla letho; re tla etsa jwalokaha o bolela. Yaba ke bitsa baprista, ka ba hlapantsha hore ba tle ba etse ka polelo eo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

12 Yaba ba re: “Re tla di kgutlisa, mme re ke ke ra ba lefisa letho. Re tla etsa jwalokaha o boletse.” Jwale ka bitsa baprista, le mahosana ana, le babusi bana, ka ba hlapantsha hore ba etse jwalokaha ba tshepisitse.

Ver Capítulo Copiar




Nehemia 5:12
15 Referencias Cruzadas  

Yaba phutheho yohle e araba ka mantswe a phahameng, ya re: E, e ka kgona re etse jwalokaha o boletse.


Yaba Esdrase o ema, a hlaphantsha dihlooho tsa baprista le tsa Balevi le tsa Baiseraele bohle, hore ba tle ba etse ka polelo eo; mme ba hlapanya.


ba ikopanya le banababo bona, mahosana, mme ba kena le bona hlapanyong le kanong, ba re, ba tla tsamaya molaong wa Modimo oo ba o neilweng ka Moshe, mohlanka wa Modimo, mme ba tla boloka ditaelo tsohle tsa Jehova, Morena wa rona, le dikahlolo tsa hae, le melao ya hae, mme ba tla ya ka tsona;


ra itlama hore ha re ka ke ra neela baditjhaba ba lefatshe leo baradi ba rona, leha e le ho nkela bara ba rona baradi ba bona.


Hape ra re, leha baditjhaba ba lefatshe leo ba ka tlisa mesebetsi le dikoro tsa mefuta yohle ka tsatsi la Sabatha, ho rekisa ka tsona, ha re ka ke ra reka ho bona ka tsatsi la Sabatha, leha e le ka matsatsi a mang a kgethehileng; mme re tla nne re etse teselo ka selemo sa bosupa, ka ho lesella e mong le e mong molato wa hae.


Yaba ke a ba kgalemela, ka ba rohaka, ka ba ka otla ba bang, ka ba hlotha meriri; mme ka ba hlapantsha ka Modimo, ka re: Se neeng baradi ba lona ho bara ba bona, mme le se nkele bara ba lona baradi ba bona; le lona le se ke la inkela bona!


Hona kajeno, busetsang ho bona masimo a bona, le merara ya bona, le mehlware ya bona, le matlo a bona, le karolo ya lekgolo ya tjhelete, le ya koro, le ya veine e ntjha, le ya ole, eo le e nkileng ho bona ka mokgwa wa phahello.


Empa Jesu a kgutsa. Yaba moprista e moholo o boela a bua, a re ho yena: Ke u antsha ka Modimo o phelang, hore o re bolelle haeba o Kreste, Mora wa Modimo.


Empa Sakea a ema, a re ho Morena: Bona, Morena, leruo la ka ke le arolela mafutsana kalehare; mme ha ke amohile motho ntho e nngwe ka thetso, ke busetsa ho yena tse nne.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos