A re ho yena: Lebitso la hao ha ho sa tla thwe ke Jakobo, empa e tla ba Iseraele (ya betaneng le Modimo), hobane o lwanne le Modimo le batho, mme o hlotse.
Nehemia 2:8 - Sesotho 1909/1961 (SO) Hape, nke ke newe lengolo le yang ho Asafe, mohlahlobi wa moru wa morena, hore a tle a nnee difate tsa ho etsa mamati a menyako ya qhobosheane eo e leng ya ntlo ya Jehova, le a marako a motse, le a ntlo eo ke tla dula ho yona. Morena a mpha mangolo ao, kamoo letsoho le molemo la Modimo wa ka le neng le ntse le le ho nna kateng. BIBELE Hape ke newe le lengolo le yang ho Asafo, molebedi wa moru wa kgosi, e le hore a tle a mphe difate tse tla etsa menyako ya qhobosheane, e pela Tempele, le ya lerako la motse, le ya ntlo ya ka ya bodulo.” Kgosi ya amohela kopo ya ka, hobane Modimo wa ka o ne a ntlhohonolofaditse. |
A re ho yena: Lebitso la hao ha ho sa tla thwe ke Jakobo, empa e tla ba Iseraele (ya betaneng le Modimo), hobane o lwanne le Modimo le batho, mme o hlotse.
Empa leihlo la Modimo wa bona la nna la shadima baholo ba Bajuda, bano ba ba ba sitwa ho ba thibela, ha taba eo e sa ntsane e isitswe ho Dariuse, mme ho sa lebeletswe lengolo le arabang taba tseo.
Ba etsa mokete wa mohobe a se nang ditomoso ka tshiu tse supileng ka thabo; ka hobane Jehova a ne a ba thabisitse le ho susumetsa pelo ya morena wa Assiria, hore a natlafatse matsoho a bona mosebetsing wa ntlo ya Modimo, Modimo wa Iseraele.
Hape, ke laela e le nna bakeng sa kamoo le tshwanetseng ho etsetsa baholo bao ba Bajuda kateng, hore ntlo eo ya Modimo e fele e tle e hahuwe; ke re, tjhelete tsa morena tsa lekgetho le tswang mose wane ho noka di hle di newe banna bao, ba tle ba se ke ba thibelwa ke letho.
E ne e le mongodi ya masene molaong wa Moshe oo Jehova, Modimo wa Iseraele, a neng a o neile. Morena a mo nea tsohle tseo a di kopileng, kahobane letsoho la Jehova, Modimo wa hae, le ne le le ho yena.
A qala ho tloha Babilona ka la pele la kgwedi ya pele, a fihla Jerusalema ka le qalang kgwedi ya bohlano, kamoo letsoho le molemo la Modimo le nnileng la eba ho yena kateng.
Ka bea Hanani ngwaneso, le Hanania, molaodi wa qhobosheane, hore ba lebele Jerusalema; hobane e ne e le monna wa sebele, ya tshabang Modimo ho feta,
Pelo ya morena e letsohong la Jehova, o e lebisetsa hohle moo a ratang teng, jwaloka melatswana ya metsi.
ka iketsetsa masimo le dirapa tsa difate, ho tsona ka lema difate tse behang ditholwana tsa mefutafuta;
Le tla bona hoo, mme dipelo tsa lona di tla thaba, masapo a lona a mele jwaloka jwang; letsoho la Jehova le tla tsejwa ke bahlanka ba hae; empa o tla halefela dira tsa hae.
Empa ka hobane ke bone thuso ho Modimo, ke tiiseditse ho fihlela la kajeno ho bolella ba banyenyane le ba baholo, mme ha ke a ka ka bolela ditaba tse ding, haese tseo Moshe le baporofeta ba itseng, di tla hlaha;
wa mo lokolla mahlomoleng a hae kaofela; mme wa mo nea bohlale le ho kgahlisa Faro, morena wa Egepeta, eo a ba a mmea mmusisi wa Egepeta le wa ntlo ya hae yohle.
A re leboheng Modimo, o kentseng tjheseho e le nngwe pelong ya Tite le ho ya ka ka baka la lona.