Esdrase 6:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)8 Hape, ke laela e le nna bakeng sa kamoo le tshwanetseng ho etsetsa baholo bao ba Bajuda kateng, hore ntlo eo ya Modimo e fele e tle e hahuwe; ke re, tjhelete tsa morena tsa lekgetho le tswang mose wane ho noka di hle di newe banna bao, ba tle ba se ke ba thibelwa ke letho. Ver CapítuloBIBELE8 “Hape ke le laela seo le tshwanetseng ho se etsetsa baholo ba Bajuda, malebana le ho hahwa ha Tempele ena ya Modimo. “Ditshenyehelo tsa bona di ntshwe letloleng la kgosi, e leng lekgethong le tswang ho baahi ba naha e ka bophirimela ho noka ya Euferatese, e le hore mosebetsi o se ke wa kgaotsa. Ver Capítulo |
Leha e le tse ka hlokwang, kapa eleng dipohwana, kapa e leng dipheleu, le dikonyana tsa mahlabelo a ditjheso tse hlabelwang Modimo wa mahodimo, leha e le koro, kapa letswai, le veine, le ole, kamoo baprista ba Jerusalema ba ka di kopang kateng, ba ke ba di newe ka tsatsi le leng le le leng, ho sa fosehe teng,
Hape, nke ke newe lengolo le yang ho Asafe, mohlahlobi wa moru wa morena, hore a tle a nnee difate tsa ho etsa mamati a menyako ya qhobosheane eo e leng ya ntlo ya Jehova, le a marako a motse, le a ntlo eo ke tla dula ho yona. Morena a mpha mangolo ao, kamoo letsoho le molemo la Modimo wa ka le neng le ntse le le ho nna kateng.