A re ho yena: Lebitso la hao ha ho sa tla thwe ke Jakobo, empa e tla ba Iseraele (ya betaneng le Modimo), hobane o lwanne le Modimo le batho, mme o hlotse.
O tshwarele setjhaba sa hao se o sitetsweng, o lebale le ditlolo tsohle tseo ba o sitetsweng ka tsona; o ba fumantshe mohau ho ba ba isitseng kgolehong, hore ba ba utlwele bohloko.
Oho hle, Jehova, tsebe ya hao a e ke e sekehele thapelo ya mohlanka wa hao le thapelo ya bahlanka ba hao ba ithatetseng ho tshaba lebitso le hao; o ke o atlehise mohlanka wa hao kajeno, mme o mo fumantshe mohau pela monna eno. Ke ne ke le moqhatsetsi wa morena.
Morwetsana a mo kgahla, mme a fumana mohau ho yena; a phakisa a mo nea ditlolo tsa hae le dijo tsa hae, a mo nea le barwetsana ba supileng ba kgethilweng tlung ya morena, mme a mo isa, yena le barwetsana ba hae, kamoreng e ntle ho fetisa ya ntlo ya basadi.
hlooho ya matona ya re ho Daniele: Ke tshaba morena, monga ka, ya laetseng seo le tlang ho se ja le seo le tlang ho se nwa; hobane o ne a tla bonelang difahleho tsa lona di sosobane ho fetisa tsa bahlankana bao e leng thaka e le nngwe le lona? Ha ho ka ba jwalo, le ka ntimetsa hlooho pela morena.
wa mo lokolla mahlomoleng a hae kaofela; mme wa mo nea bohlale le ho kgahlisa Faro, morena wa Egepeta, eo a ba a mmea mmusisi wa Egepeta le wa ntlo ya hae yohle.