Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Bakorinthe 8:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 A re leboheng Modimo, o kentseng tjheseho e le nngwe pelong ya Tite le ho ya ka ka baka la lona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

16 A re leboheng Modimo ya kentseng mafolofolo a jwalo pelong ya Tite, ka baka la lona,

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

16 Empa ho lebohuwe Modimo ya kentseng tjheseho e tshwanang le eo pelong ya Tite bakeng sa lona.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

16 Empa ho lebohuwe Modimo ya kentseng tjheseho e tshwanang le eo pelong ya Tite bakeng sa lona.

Ver Capítulo Copiar




2 Bakorinthe 8:16
13 Referencias Cruzadas  

Esekiase le mahosana ba ya bona ditha, mme ba boka Jehova le setjhaba sa hae sa Iseraele.


Ho bokwe Jehova, Modimo wa bontata rona, ya beileng taba tse kalo, pelong ya morena tsa hore ho kgabiswe ntlo ya Jehova ya Jerusalema,


Ka ntoo tloha bosiu ke ena le batho ba seng bakae, hobane ke ne ke sa ka ka bolella motho seo Modimo wa ka o se beileng pelong ya ka hore ke se etsetse Jerusalema; hape ho ne ho se pelesa e nngwe ho nna haese pelesa eo ke neng ke e palamile.


Bonang, ho bolela Jehova, ho tla matsatsi ao ka wona ke tlang ho etsa selekane se setjha le ntlo ya Iseraele le ntlo ya Juda;


Ke tla etsa selekane se sa feleng le bona, sa hore nke ke ka ba furalla, ke nne ke ba etse hantle; ke tla bea tshabo ya ka dipelong tsa bona, ba tle ba se ke ba nkwenehela.


Leha ke le ngoletse jwalo, e ne e se ka baka la ya sentseng, leha e le ka baka la ya senyeditsweng, empa e ne e le ho bonahatsa ho lona paballo eo re le etsetsang yona pela Modimo.


Mme hase ka ho fihla ha hae feela, hape e bile ka tshediso eo a tshedisitsweng bakeng sa lona ka yona, kamoo a re boleletseng hlolohelo ya lona kateng, ho lla ha lona, le kamoo le ntjhesehelang kateng; taba tseo tsa ba tsa nthabisa haholo.


Haele Tite, ke molekane wa ka le motlatsi wa ka ho lona; mme haele baena ba bang, ke baromuwa ba dikereke, ke letlotlo la Kreste.


Ra ba ra rapela Tite, ra re, ha a se a qadile, a fele a phethe ketso eo ya mohau hara lona.


Hobane ha ke na e mong eo pelo ya hae e tshwanang le ya ka jwaloka yena, leha e le ya hlokomelang taba tsa lona ka sebele jwaloka yena.


Mme seo le se etsang, leha e ka ba eng le eng, ka ho bua, kapa ka ho sebetsa, le etse tsohle ka lebitso la Morena Jesu, le ntse le leboha ka yena Modimo Ntate.


Hobane Modimo o kentse dipelong tsa bona ho phetha morero wa wona, le ho dumellana, le ho neela sebata mebuso ya bona, dipolelo tsa Modimo di tle di be di phethehe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos