Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Nehemia 2:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Hape, ka re ho morena: Ha morena a dumela, nke ke newe mangolo a yang ho babusisi ba mose wane ho noka, ba tle ba nnee tsela, ke be ke fihle Judea.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

7 Ka boela ka re ho kgosi: “Haeba kgosi e ka kgahlwa, a nke ke newe mangolo a yang ho babusi ba naha e ka bophirimela ho noka ya Euferatese, e le hore ba tle ba ntumelle ke fete, ke be ke yo fihla naheng ya Juda.

Ver Capítulo Copiar




Nehemia 2:7
6 Referencias Cruzadas  

Ha ho le jwalo, lona Thathnai, mmusisi wa naha e mose wane ho noka, le Shethare-Bosnai, le balekane ba lona ba Afarsa ba mose wane ho noka, le itulele hole le moo.


Mme nna ke le morena Artakserksese, ke laela lona bohle ba mose wane ho noka, ba bolokang matlotlo a ka, hore le phakise le etse kahohle kamoo Esdrase, moprista le mongodi ya masene molaong wa Modimo wa mahodimo o tla kopa kateng,


Hobane ke ne ke le dihlong tsa ho kopa sehlopha sa bahlabani le bapalami ho morena ho re lwantshetsa dira tseleng, etswe re ne re boleletse morena, ra re: Letsoho la Modimo wa rona le emela bohle ba o batlang, athe matla le bohale ba wona di lwantsha bohle ba o furallang.


Hape, ba nea matona a morena le babusisi ba mose o kwano ho noka ditaelo tsa morena. Yaba bao ba emela setjhaba le ntlo ya Modimo.


Yaba ke fihla ho babusisi ba mose wane ho noka, ka ba nea mangolo a morena. Hape, morena o ne a romile balaodi ba bang ba makgotla le bapalami ho mphelehetsa.


Mabapa le bona, ha lokisa Melatia wa Gibeone, le Jadone wa Meronothe, le batho ba Gibeone le Mitspe, ba kalosong ya mmusisi ya mose o kwano ho noka.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos