Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Nehemia 2:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Morena ba ena le mofumahadi wa hae a dutse pela hae, a re ho nna: Leeto la hao e tla ba la ditshiu tse kae, mme o tla kgutla neng? Yaba morena o dumela ho nthoma jwalo, ka ba ka mmalla nako e itseng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

6 Mofumahadi o ne a dutse lehlakoreng la kgosi, ha kgosi e re ho nna: “Leeto la hao le tla nka nako e kae, mme o kgutle neng?” Kgosi ya ananela kopo ena ya ka, ya ntumella hore ke tsamaye. Ka e bolella hore na ke tla nka nako e kae.

Ver Capítulo Copiar




Nehemia 2:6
9 Referencias Cruzadas  

Oho hle, Jehova, tsebe ya hao a e ke e sekehele thapelo ya mohlanka wa hao le thapelo ya bahlanka ba hao ba ithatetseng ho tshaba lebitso le hao; o ke o atlehise mohlanka wa hao kajeno, mme o mo fumantshe mohau pela monna eno. Ke ne ke le moqhatsetsi wa morena.


Motsotsong wa taba tseo, ke ne ke se Jerusalema; hobane ka selemo sa mashome a mararo a metso e mmedi sa Artakserksese, morena wa Babilona, ke ne ke boetse ke ile ho morena; mme qetellong ya selemo seo, ke ne ke boetse ke lokolotswe ke morena.


Yaba morena o re ho nna: Kopo ya hao o kopang?


Yaba ke rapela Modimo wa mahodimo, ka re ho morena: Ha morena a ka dumela, ha mohlanka wa hao a fumane mohau pela hao, o ke o nthomele Judea, motseng wa mabitla a bontate, ke tle ke boele ke o hahe.


Ho hong ke hoba, haesale morena a ntaela hore ke be mmusisi wa bona naheng ya Juda, ho tloha selemong sa mashome a mabedi ho isa selemong sa mashome a mararo a metso e mmedi sa ho busa ha Artakserksese, e leng dilemo tse leshome le metso e mmedi, nna le banabeso, ha re a ka ra ja bohobe ba mmusisi.


Ditloholo tsa hao di tla tsosa masupi a boholoholo; o tla tsosa metheo ya kgale, mme o tla rewa motsosi wa dikgeo, le molokisi wa diterata tse ka ahuwang.


Ba tla tsosa marako a kgale, ba tsose masupi e senyehileng kgale, ba ntjhafatse metse e senyehileng, esaleng e le dithako mehleng ya kgale.


Etlare ba eso ho howe, ke tla be ke se ke ba arabile; etlare ba sa bolela, ke tla be ke se ke ba utlwile.


Tseba ke hona, o utlwisise hore, ho tloha taelong e bolelang hore Jerusalema o tla tsoswa, o hahuwe, ha e tswile, ho fihlisa ho motlotsuwa Morena, ho tla feta veke tse supileng; ka veke tse mashome a tsheletseng a metso e mmedi, motse o tla tsoswa, o hahuwe le mapatlelo a wona, le marako a wona, empa e tla ba ka matsatsi a mahlomola.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos