Ba etsa mokete wa mohobe a se nang ditomoso ka tshiu tse supileng ka thabo; ka hobane Jehova a ne a ba thabisitse le ho susumetsa pelo ya morena wa Assiria, hore a natlafatse matsoho a bona mosebetsing wa ntlo ya Modimo, Modimo wa Iseraele.
Nehemia 13:6 - Sesotho 1909/1961 (SO) Motsotsong wa taba tseo, ke ne ke se Jerusalema; hobane ka selemo sa mashome a mararo a metso e mmedi sa Artakserksese, morena wa Babilona, ke ne ke boetse ke ile ho morena; mme qetellong ya selemo seo, ke ne ke boetse ke lokolotswe ke morena. BIBELE Empa ka nako ena yohle, nna Nehemia, ke ne ke se Jerusalema, hobane ka selemo sa mashome a mararo a metso e mmedi sa puso ya Aretaseresese, kgosi ya Babilona, ke ne ke ye ho yena. Kamora nako e itseng ka kopa hore kgosi e ntokolle, ke tsamaye. |
Ba etsa mokete wa mohobe a se nang ditomoso ka tshiu tse supileng ka thabo; ka hobane Jehova a ne a ba thabisitse le ho susumetsa pelo ya morena wa Assiria, hore a natlafatse matsoho a bona mosebetsing wa ntlo ya Modimo, Modimo wa Iseraele.
Kgweding ya Nisane, ka selemo sa mashome a mabedi sa ho busa ha Artakserksese, eitse ha veine e le pela hae ka nka veine, ka e nea morena. Ke ne ke eso ho ka ke sosobana sefahleho pela hae.
Ho hong ke hoba, haesale morena a ntaela hore ke be mmusisi wa bona naheng ya Juda, ho tloha selemong sa mashome a mabedi ho isa selemong sa mashome a mararo a metso e mmedi sa ho busa ha Artakserksese, e leng dilemo tse leshome le metso e mmedi, nna le banabeso, ha re a ka ra ja bohobe ba mmusisi.
Setjhaba eitse ha se bona hoba Moshe o diehile ho theoha thabeng, setjhaba sa bokanela Aarone, sa re ho yena: Ema, o re etsetse modimo o re etellang pele; hobane haele Moshe eno, monna ya re ntshitseng fatsheng la Egepeta, ha re tsebe se mo hlahetseng.
Yare ha ho robetswe ke batho, ya mo hloileng a tla, mme a jala mofoka hara koro, a ntoo ikela.