Nehemia 13:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)5 o ne a mo lokiseditse kamore e kgolo hona moo pele ho neng ho bolokwa dinyehelo, le dibano, le mesebetsi, le karolo ya leshome ya dikoro, le ya veine e ntjha, le ya ole, tse neng di laeleditswe Balevi, le dibini, le balebedi ba menyako, le kabelo e kgethetsweng baprista. Ver CapítuloBIBELE5 O na mo lokiseditse kamore e kgolo, eo pele e neng e sebediswa ho boloka dinyehelo tsa dijo le mokubetso, le thepa, le karolo e le nngwe ya tseo ho fanweng ka tsona ho tse leshome tsa koro, le tsa veine e ntjha, le tsa ole, tseo ka molao ba neng ba lokela ho di nea Balevi, le dibini, le balebedi ba menyako, le dinyehelo tse neng di fuwa baprista. Ver Capítulo |
Ra re, re tla tlisa dilopotsiya tsa hlama ya rona, le dikabelo tsa rona tseo re di kgethileng, le dilopotsiya tsa ditholwana tsa difate tsohle, le tsa veine e ntjha, le tsa ole, re di tlisetse baprista dikamoreng tsa ntlo ya Modimo wa rona, hammoho le karolo ya leshome ya tsa lefatshe, e leng ya Balevi; hobane bona Balevi ba nka karolo ya leshome ya tsona metseng yohle ya naha e lengwang ke rona.
Tsatsing leo, ha bewa bahlahlobi ho hlahloba dikamore tsa mediko ya dikabelo tse kgethilweng, le ya dilopotsiya, le ya dikarolo tsa leshome, ba tle ba bokellele teng dikabelo tse tswang metseng e kamathoko, tse newang baprista le Balevi ke molao; hobane thabo e ne e le teng Juda, kahobane baprista le Balevi ba boetse ba eme pela Modimo.