Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Nehemia 5:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Ho hong ke hoba, haesale morena a ntaela hore ke be mmusisi wa bona naheng ya Juda, ho tloha selemong sa mashome a mabedi ho isa selemong sa mashome a mararo a metso e mmedi sa ho busa ha Artakserksese, e leng dilemo tse leshome le metso e mmedi, nna le banabeso, ha re a ka ra ja bohobe ba mmusisi.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

14 Ho tloha mohla ke kgethwang hore ke be mmusisi naheng ya Juda, e leng ho tloha ka selemo sa mashome a mabedi, ho isa ho sa mashome a mararo a metso e mmedi sa puso ya kgosi Aretaseresese, ke ho re ka dilemo tse leshome le metso e mmedi, rona le bana beso, ha re a ka ra ja dijo tseo e leng seabo sa mmusisi.

Ver Capítulo Copiar




Nehemia 5:14
9 Referencias Cruzadas  

Mantswe a Nehemia, mora Hakalia, ke wona ana: Kgweding ya Kislefe, selemong sa mashome a mabedi, ka re ke sa ntsane ke le Susane, motse wa moreneng,


Motsotsong wa taba tseo, ke ne ke se Jerusalema; hobane ka selemo sa mashome a mararo a metso e mmedi sa Artakserksese, morena wa Babilona, ke ne ke boetse ke ile ho morena; mme qetellong ya selemo seo, ke ne ke boetse ke lokolotswe ke morena.


Kgweding ya Nisane, ka selemo sa mashome a mabedi sa ho busa ha Artakserksese, eitse ha veine e le pela hae ka nka veine, ka e nea morena. Ke ne ke eso ho ka ke sosobana sefahleho pela hae.


Ya nkileng ditalenta tse hlano a phakisa a ya, a hweba ka tsona, a rua ditalenta tse ding tse hlano.


Hleka seo e leng moputso wa ka keng? Ke hobane, ha ke ntse ke bolela Evangeli, ke behela batho Evangeli ya Kreste, ka mokgwa o sa ba etsetseng boima, hore ke se ke ka ithusa ka tokelo eo ke nang le yona Evangeling.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos