La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Nehemia 10:32 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Hape, ra ipeela melao, ra itlama hore re tla nne re ntshetse tshebeletso ya ntlo ya Modimo wa rona karolo ya boraro ya shekele ka selemo se seng le se seng;

Ver Capítulo

BIBELE

“Re iketsetsa melao, eo ka yona re itlamang hore ka selemo le selemo re tla ntsha silefera e etsang boima ba dikeramo tse hlano, bakeng sa mosebetsi wa Tempele ya Modimo wa rona,

Ver Capítulo



Nehemia 10:32
12 Referencias Cruzadas  

lejwe lena leo ke le emisitseng mokolokotwane, e tla ba ntlo ya Modimo; mme ke tla o ntshetsa karolo ya leshome ya tsohle tseo o tlang ho nnea tsona.


ba ne ba di nkile dintweng le kgapong, ba di kgethela kotlo ya ntlo ya Jehova;


Mehleng eo, ka bona batho ba hatang dihatelong ka Sabatha naheng ya Juda, le ba thothelang mangata hae, ba a belesitse diesele; le veine, le merara, le difeiye, le mesebetsi e meng ya mefuta, ba di tlisa Jersalema ka tsatsi la Sabatha; mme ka ba kgalemela ka letsatsi leo ba rekisang dijo ka lona.


Hleka haele mona Modimo wa rona o re hlahiseditse, rona le motse ona, dikotsi tseo tsohle, na hase kahobane bontata lona ba ile ba etsa tse jwalo na? Athe le lona le ya ekeletsa Baiseraele bohale ka ho hlompholla Sabatha!


Ka ba kgalemela, ka re ho bona: Le hlollang bosiu pela lerako? Ha le boela le pheta, ke tla le tshwara. Haesale mohlang oo, ha ba ka ba hlola ba etla ka Sabatha.


Tjhe, nna le banabeso le bahlanka ba ka, re ba adimile tjhelete le koro hodima phahello. A re leseleng hle phahello eo.


Wa ba tsebisa Sabatha ya hao e halalelang, mme wa ba beela ditaelo le ditemoso le molao ka Moshe, mohlanka wa hao.


ka sa bosupa, o tlo o e tlohele e lale, e phomole, hore mofutsana wa tjhaba sa heno a je, mme ho salang ho jewe ke diphoofolo tsa naha. Etsa jwalo ka morara wa hao le ka mohlwaare wa hao.


Tlotlisa Jehova ka moruo wa hao, le ka dilopotsiya tsa tsohle tse o atetseng.


Hobane ho rata ha ho le teng, motho o ye a natefelwe ka seo a nang le sona, e seng ka seo a se hlokang.