Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Bakorinthe 8:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Hobane ho rata ha ho le teng, motho o ye a natefelwe ka seo a nang le sona, e seng ka seo a se hlokang.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

12 Ha thahasello e le teng, ho amohelwa seo motho a nang le sona, e seng seo a se nang sona.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

12 Hobane ha pelo e ratang e le teng, ho amohelwa ho ya ka seo motho a nang le sona, e seng ka seo a se nang sona.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

12 Hobane ha pelo e ratang e le teng, ho amohelwa ho ya ka seo motho a nang le sona, e seng ka seo a se nang sona.

Ver Capítulo Copiar




2 Bakorinthe 8:12
21 Referencias Cruzadas  

Jehova a mpa a re ho ntate Davida: Kgopolo eo ya hao, ya ho hahela lebitso la ka ntlo, o fela o hopotse hantle;


Bua le bana ba Iseraele hore ba nntshetse kabelo ya seo ba nang le sona; le amohele kabelo ya motho ka mong ya nntshetsang yona ka pelo e ntle.


Mang le mang ya ntshitseng karolo ya silefera le ya koporo e aroletsweng Jehova, a tlisa karolo e abetsweng Jehova: le bohle ba neng ba ena le difate tsa leoka tsa ho sebetsa mesebetsi ya tshebetso, ba di tlisa.


Bana ba Iseraele bohle le basadi bohle ba ithatetseng ho tlisa ntho tsa mosebetsi wohle oo Jehova a neng a laetse ka Moshe hore o etswe, ba tlisetsa Jehova dikabelo tsa boithatelo.


Ntshang ho tsa lona seo le se abelang Jehova. Motho ka mong eo pelo ya hae e ratang, a ke a tlise se abetsweng Jehova, kgauta, silefera, le koporo;


Molemo wa motho o tsejwa ka seo a ratang ho se etsa, ke moo mofutsana a fetang morui ya lehata.


Ya nkileng ditalenta tse pedi, a rua tse ding tse pedi le yena ka mokgwa o jwalo.


Ha tla le ya neilweng ditalenta tse pedi, a re: Morena, o ne o nneile ditalenta tse pedi; bona, ke ruile tse ding tse pedi kahodima tsona.


Ya leng kgabane ho tse nyenyane, le ho tse kgolo o tla ba kgabane; mme ya sa lokang ho tse nyenyane, a ke ke a loka le ho tse kgolo.


Jwale, phethang le hona ho etsa; hore, jwalokaha le bile mafolofolo ho rateng, le be jwalo le ho etseng, le nka ho seo le nang le sona.


Hobane ha ho etswe hore ba bang ba bone thuso, mme lona le tsielehe; ho mpa ho etswa ka ho re, ho lekane hantle;


e seng kahoo feela, hape ke motho eo re mo kgethetsweng ke dikereke hore re tsamaye le yena mosebetsing wona wa mohau, oo re o sebetsang ho tlotlisa Modimo ka sebele, le ho hlahisa tjheseho ya lona.


E mong le e mong a ntshe kamoo a seng a lekantse pele kateng, pelong ya hae; e seng ka ho swaba, leha e le ka ho kgannwa; hobane Modimo o rata ya fanang a thabile.


E mong le e mong, kamoo neo eo a e abetsweng e leng kateng, a no sebeletsa ba bang ka yona, kamoo ho loketseng diabi tse ntle tsa mehauhelo kateng, e mengata ya Modimo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos