Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 23:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 ka sa bosupa, o tlo o e tlohele e lale, e phomole, hore mofutsana wa tjhaba sa heno a je, mme ho salang ho jewe ke diphoofolo tsa naha. Etsa jwalo ka morara wa hao le ka mohlwaare wa hao.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 Ka selemo sa bosupa o tla e tlohela e lale, bafumanehi ba setjhaba sa heno ba tle ba je; tseo ba di siileng di tle di jewe ke diphoofolo tsa naha. O tla etsa jwalo ka serapa sa hao sa morara, le ka serapa sa hao sa mehlwaare.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 23:11
11 Referencias Cruzadas  

Hape ra re, leha baditjhaba ba lefatshe leo ba ka tlisa mesebetsi le dikoro tsa mefuta yohle ka tsatsi la Sabatha, ho rekisa ka tsona, ha re ka ke ra reka ho bona ka tsatsi la Sabatha, leha e le ka matsatsi a mang a kgethehileng; mme re tla nne re etse teselo ka selemo sa bosupa, ka ho lesella e mong le e mong molato wa hae.


Hape, ra ipeela melao, ra itlama hore re tla nne re ntshetse tshebeletso ya ntlo ya Modimo wa rona karolo ya boraro ya shekele ka selemo se seng le se seng;


Ka lemo tse tsheletseng, o tle o jale tshimo ya hao, o be o kotule tse bewang ke yona;


O tla etsa mosebetsi wa hao ka matsatsi a tsheletseng, mme o phomole ka la bosupa, hore kgomo ya hao le esele ya hao di phomole le tsona, le hore mora lekgoba la hao le moditjhaba ba kgatholohe.


Empa ha le ka re: Re tla jang ka selemo sa bosupa, ha re sa jale, mme re sa kotule letho?


Le tla jala ka selemo sa boroba meno e le mmedi, le ntse le itjella dinyase, ho isa selemong sa boroba mono o le mong, le ntse le lebeletse dikotulo tsa lona, le eja tsa kgale.


Etswe o sa ka wa re tlisa naheng e kollang lebese le dinotshi, leha e le ho re nea lefa la masimo le la dirapa tsa merara. Hleka o tla hle o phunye mahlo a banna bana na? Re ke ke ra ya.


Hobane mohloki a ke ke a hlokahala lefatsheng le ka mohla o le mong; ke ka baka leo ke o laelang, ke re: o fuparollele ngwaneno eo e leng mohloki le mofumanehi naheng ya hao diatla tsa hao.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos