a re: Oho, Jehova, Modimo wa Iseraele, ha ho Modimo o kang wena, leha e le hodimo mahodimong, leha e le tlase lefatsheng, o tiisang selekane le mohau ho bahlanka ba hao ba tsamayang pela hao ka pelo tsohle tsa bona.
Nehemia 1:5 - Sesotho 1909/1961 (SO) ka re: Jo! Jehova, Modimo wa mahodimo, Modimo o moholo, o tshabehang, o bolokelang ba o ratang, ba bolokang melao ya hao, selekane le mohau! BIBELE Yaba ke re: “Oho, Morena Modimo wa mahodimo, ke a o rapela: Wena Modimo e moholo, ya tshabehang, ya bolokang selekane sa hae sa lerato ho ba mo ratang, ba mamelang melao ya hae, |
a re: Oho, Jehova, Modimo wa Iseraele, ha ho Modimo o kang wena, leha e le hodimo mahodimong, leha e le tlase lefatsheng, o tiisang selekane le mohau ho bahlanka ba hao ba tsamayang pela hao ka pelo tsohle tsa bona.
Ke sefe setjhaba se lefatsheng se kang tjhaba sa hao sa Iseraele, seo Modimo o tlileng ho itopollela sona, hore e tle e be setjhaba sa wona, le ho iketsetsa lebitso ka ho sebetsa ntho tse kgolo, tse tshabehang, ha o ntse o leleka ditjhaba pela setjhaba sa hao seo o se lopolotseng Egepeta?
Ho itswe ke Siruse, morena wa Bapersia: Jehova, Modimo wa mahodimo, o nneile mebuso yohle ya lefatshe; hape, o ntaetse hore ke mo hahele ntlo Jerusalema, naheng ya Juda.
Ka tadima, ka ema, ka re ho baholo le ho mahosana le ho ba bang ba setjhaba: Le se ke la ba tshaba; le mpe le hopole Morena e moholo ya tshabehang, mme le lwanele banababo lona, le bara ba lona, le baradi ba lona, le basadi ba lona, le matlo a lona.
Mme jwale, Modimo wa rona, Modimo o moholo, o matla, o tshabehang, o bolokang selekane le mohau; o se ke wa re, a manyenyane mahlomola ao a re hlahetseng, rona le marena a rona, le dihlooho tsa rona, le baprista ba rona, le baporofeta ba rona, le bontata rona, le setjhaba sa hao kaofela, haesale mehleng ya marena a Assiria ho tla fihla tsatsing la kajeno.
Hobane Jehova, Mookamedi ya phahameng, o tshwanelwa ke ho tshajwa; ke yena Morena e moholo wa lefatshe lohle.
hobane ke itse: Mohau wa hao o entswe moaho o sa feleng; o theile botshepehi ba hao mahodimong.
O itse: Ke entse selekane le mokgethwa wa ka, ke hlapantse ho Davida, mohlanka wa ka, ka re:
Jehova, Modimo wa makgotla, ke mang ya matla jwaloka wena, Jehova? O teetswe hare ke botshepehi ba hao.
Ha le fela le ka utlwa ditaelo tseo, la di boloka, mme la etsa ka tsona, Jehova, Modimo wa hao, o tla o bolokela selekane le mohau, kamoo a anetseng bontatao kateng.
O se ke wa ba tshaba, hobane Jehova, Modimo wa hao, Modimo o moholo, o tshabehang, o ha eno.
Tseba ka hona hobane Jehova, Modimo wa hao, ke Modimo, Modimo o tshepehang, o bolokelang ba o ratang, ba bolokang ditaelo tsa wona, selekane le mohau ho isa melokong e sekete;