Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Esdrase 1:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Ho itswe ke Siruse, morena wa Bapersia: Jehova, Modimo wa mahodimo, o nneile mebuso yohle ya lefatshe; hape, o ntaetse hore ke mo hahele ntlo Jerusalema, naheng ya Juda.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 “Siruse, kgosi ya Peresiya, o bua tjena: ‘Morena Modimo wa mahodimo, o nneile mebuso yohle ya lefatshe, mme o ntaetse hore ke mo hahele Tempele Jerusalema, naheng ya Juda.

Ver Capítulo Copiar




Esdrase 1:2
34 Referencias Cruzadas  

Empa fale Modimo o fela o ka aha lefatsheng na? Bona, esita le mahodimo le mahodimo a mahodimo a ke ke a o kopa; haholo ntlo ena eo ke e hahileng!


Hurame a eketsa, a re: Ho bokwe Jehova, Modimo wa Iseraele, ya entseng mahodimo le lefatshe, hobane o neile morena Davida mora ya bohlale, ya kelello, ya kutlwisiso, ya ratang ho hahela Jehova ntlo, le ho ikgahela ntlo ya borena.


Yaba dihlooho tsa matlo a bontata Juda le Benjamine, le baprista le Balevi, hammoho le bohle bao dipelo tsa bona di susumedistweng ke Jehova, ba tloha ho ya haha ntlo ya Jehova ya Jerusalema.


Yaba ba ntshetsa dibetli tsa majwe le tsa difate ditjhelete; ba nea Basidone le Batire dijo le dino le ole, ba re, ba ye ho lata difate tsa dikedare Lebanone, mme ba di tlise Jafo ka lewatle, kamoo ba dumeletsweng ke Siruse, morena wa Persia kateng.


Empa Sorobabele, le Joshua, le dihlooho tse ding tsa matlo a bontata Baiseraele, ba re ho bona: Ha le na ho hahela Modimo wa rona ntlo hammoho le rona; re tla mpe re hahele Jehova, Modimo wa Iseraele, re nnotshi, kamoo re laetsweng ke morena Siruse, morena wa Persia kateng.


A re ho yena: Nka mesebetsi ena, o ye le yona, mme o e bee tempeleng ya Jerusalema, mme ntlo ya Modimo e fele e tsoswe setsheng sa yona.


ba tle ba tsebe ho ntshetsa Modimo wa mahodimo mahlabelo a monko o monate; hape ba rapelle ho phela ha morena le ha bara ba hae.


Ka selemo sa ho qala sa ho busa ha Siruse, morena Siruse o laetse bakeng sa ntlo ya Modimo o Jerusalema hore ntlo eo e boele e tsoswe, e tle e be moo ho hlajwang mahlabelo, mme metheo ya yona e tsoswe e le e thata. Bolelele ba yona e be ditswe tse mashome a tsheletseng, bophara ba yona e be ditswe tse mashome a tsheletseng;


Ha thwe: Ke le Artakserksese, morena wa marena, ke ngolla Esdrase, moprista le mongodi ya phethehileng molaong wa Modimo wa mahodimo. Jwalojwalo.


Eitse ha ke utlwa taba tseo, ka dula ka lla, mme ka hlola bofifing ditshiu tse ngatanyana; hape ka itima dijo, ka rapela pela Modimo wa mahodimo,


ka re: Jo! Jehova, Modimo wa mahodimo, Modimo o moholo, o tshabehang, o bolokelang ba o ratang, ba bolokang melao ya hao, selekane le mohau!


Rorisang Modimo wa mahodimo! Efela mohau wa hae ke o sa feleng.


o tlositse makgopo a setjhaba sa hao, o apesitse dibe tsohle tsa sona. (Sela.)


Pelo ya morena e letsohong la Jehova, o e lebisetsa hohle moo a ratang teng, jwaloka melatswana ya metsi.


Ke mang ya tsositseng motho botjhabela, eo poloko e tsamayang mehlaleng ya hae? Ke mang ya mo neetseng ditjhaba, ya kokobeditseng marena katlasa hae? O etsa marumo a bona lerole, seqha sa bona se ba jwaloka mooko o fefolwang.


Esale nna ke tiisang lentswe la mohlanka wa ka, ke etsahatsang ditaba tsa ba romilweng ke nna, ke bolelang hore Jerusalema o tla hahuwa, le hore metse ya Juda e tla boela e hahuwe, mme ke tla tsosa dithako tsa yona;


ke bolelang Siruse ka ho re: Ke modisa wa ka, o tla etsa se ratwang ke nna, o tla re ho Jerusalema: O tla tsoswa, le ho tempele: O tla thewa.


Jehova o bolela ho motlotsuwa wa hae, ho Siruse, eo a mo tshwereng ka letsoho la hae le letona, ho hlola ditjhaba pela hae, ho tlamolla dinyepa tsa marena mathekeng a wona, le ho bula menyako pela hae, hore menyako e se ke ya kwalwa, o re:


Lehodimo ke terone ya ka, mme lefatshe ke bonamelo ba maoto a ka: ho rialo Jehova. E kae ntlo eo le ka nkgahelang yona? E kae nqalo eo nka phomolang ho yona?


Le tla ba bolella jwalo, le re: Medimo e sa kang ya etsa mahodimo le lefatshe, yona e tla tloswa lefatsheng le katlasa lehodimo.


Ke nna ya entseng lefatshe, le batho, le diphoofolo tse bophareng ba lefatshe, ka matla a maholo a ka le ka letsoho la ka le otlolotsweng, mme ke le neela eo ke ithatelang ho mo nea lona.


Hobane ho itswe ke Jehova: Dilemo tse mashome a supileng etlare ha di se di phethehile bakeng sa Babilona, ke tla le hopola, ke le etsetse ka mantswe a ka a molemo, ke le busetse nqalong ena.


Daniele a nna a dula jwalo ho isa selemong se qalang puso ya morena Siruse.


Ke wona o hlahisang phetoho ya mehla le dinako, o tlosang marena, o phahamisang marena, o neang babohlale bohlale, o neang kelello ho batho ba ratang ho utlwisisa.


Empa Modimo o teng lehodimong o senolang diphiri, mme o tsebisitse morena Nebukadnesare tse tlang ho etsahala mehleng e tlang ho tla. Toro ya hao le dipono tse itlhahetseng moyeng wa hao ha o ne o robetse, ke tsena:


O tla lelekwa, o tlohe hara batho; o tla ikahela le diphoofolo tsa naha, o tla fuwa jwang, o bo je jwaloka kgomo; o tla kolobiswa ke phoka ya lehodimo, mme ngwaha o tla feta hasupa hodimo hao, ho fihlela o ba o tseba hobane Mookamedi ya phahameng o na le mmuso hodima borena ba motho, le hobane a ka bo fa eo a ratang ho mo fa bona.


o tla lelekwa hara batho, o ahe le diphoofolo tsa naha: o tla fuwa jwang jwaloka kgomo, o bo je, mme ngwaha o tla feta hasupa hodima hao, ho fihlela o ba o tseba hore Mookamedi ya phahameng o na le mmuso hodima borena ba batho; le hobane a ka bo fa eo a ratang ho mo fa bona.


o ikgantsheditse Monghadi wa lehodimo, mehope ya ntlo ya hae e tlisitswe pela hao, mme wena, le mahosana a hao, le basadi ba hao, le dinyatsi tsa hao, le nwetse veine mehopeng eo, wa ba wa roka medimo ya silefera, le ya kgauta, le ya koporo, le ya tshepe, le ya mahong, le ya majwe, e sa boneng, e sa utlweng, e sa tsebeng letho, mme Modimo o fuparetseng phefumoloho ya hao letsohong la wona, o busang tsohle tse tla o hlahela, ha o a ka wa o hlonepha.


Yaba morena Dariuse o ngolla ba ditjhaba tsohle, le ba mefuta yohle, le ba dipuo tsohle ba ahileng lefatsheng lohle, a re: Le atelwe ke kgotso! Le newa molao ke nna,


A re ho bona: Ke Moheberu, mme ke tshaba Jehova, Modimo wa mahodimo, ya entseng lewatle le lefatshe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos