Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Nehemia 1:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Oho hle, tsebe ya hao a e ke e sekehwe, mme mahlo a hao a ke a tutubolohe, o tle o utlwe thapelo ya mohlanka wa hao eo ke ntseng ke e nyolosetsa ho wena mehleng ya jwale, motshehare le bosiu ke rapella ka yona bahlanka ba hao, bana ba Iseraele, ke ntse ke bolela dibe tsa bana ba Iseraele, tseo re o sitetsweng ka tsona. Hobane nna le ntlo ya ntate, re sitilwe.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

6 ako thee tsebe, o mamele, le mahlo a hao a ke a tadime, o tle o utlwe thapelo ya mohlanka wa hao, eo ke e etsang ke le kapele ho wena, bosiu le motsheare. Ke rapella bana ba Iseraele, e leng bahlanka ba hao, mme ke bolela dibe tsa bona, tseo re o sitetsweng ka tsona. Esita le nna, le ba lelapa leso, re entse sebe.

Ver Capítulo Copiar




Nehemia 1:6
34 Referencias Cruzadas  

Mamela diqelo tsa mohlanka wa hao le tsa setjhaba sa hao sa Iseraele, mohla ba rapelang nqalong ena; o mamele o le mahodimong, tulong tsa hao; o mamele, o be o tshwarele.


ha ba ka ikgopola, ba le naheng ya moo ba isitsweng kgolehong, ba sokolohela ho wena, ba o rapela, ba le naheng ya ba ba isitsweng kgolehong, ba re: Re sitilwe, re entse hampe, re sebile;


Jwale, le rerile hore le tla ithuela bana ba Juda le ba Jerusalema hore e be makgoba a lona a matona le a matshehadi! Ana ha le molato ho Jehova, Modimo wa lona, le lona na?


Hobane bontata rona ba sitilwe; ba entse ho leng hobe mahlong a Jehova, Modimo wa rona; ba mo furaletse; ba furallisitse difahleho tsa bona bodulo ba Jehova, mme ba bo neile mokokotlo.


Jwale, Modimo wa ka, mahlo a hao a ele sedi, mme ditsebe tsa hao di hlwaolohele thapelo e bewang nqalong ena!


Esdrase a re a sa ntsane a rapela, a ipolela, a lla a kgumame pela ntlo ya Modimo, ha bokana ho yena phutheho e kgolo haholo ya Baiseraele, ho le banna le basadi le bana; setjhaba se ne se lla habohloko haholo.


Jwale ipoleleng molato wa lona pela Jehova, Modimo wa bontata lona, le etse thato ya hae, le ikgethe ho ditjhaba tsa lefatshe le ho basadi basele.


Oho hle, Jehova, tsebe ya hao a e ke e sekehele thapelo ya mohlanka wa hao le thapelo ya bahlanka ba hao ba ithatetseng ho tshaba lebitso le hao; o ke o atlehise mohlanka wa hao kajeno, mme o mo fumantshe mohau pela monna eno. Ke ne ke le moqhatsetsi wa morena.


o tla retelehela ho ba lesitsi ba rapelang, mme a ke ke a nyedisa thapelo ya bona.


Re sitilwe jwaloka bontata rona, re entse bokgopo le bobe.


Morena, utlwa lentswe la ka; ditsebe tsa hao a di ke di sekehelwe thapelo ya ka!


Ka ba ka o bolella sebe sa ka, mme ha ke a ka ka pata bokgopo ba ka, ka re: Ke tla bolela ho tlola ha ka ho Jehova; mme wa hlakola bokgopo ba sebe sa ka. (Sela.)


Mahlo a Jehova a ntse a tadimile ba lokileng, ditsebe tsa hae di bulehetse mehoo ya bona.


Mantsiboya, le hosasa, le motshehare, ke ntse ke dumaela, ke sisa pelo, mme o tla utlwa lentswe la ka.


Jehova, Modimo wa poloko ya ka, ke howa pela hao motshehare le bosiu.


Yaba ke re: Ho madimabe nna, ke timetse, hobane ke motho ya melomo e ditshila, ke ahile hara setjhaba se melomo e ditshila, mme ke bone Morena, Jehova wa makgotla, ka mahlo!


Bontata rona ba sitilwe, ba se ba le siyo, mme rona re jere makgopo a bona.


Mme jwale, Jehova, Modimo wa rona, wena ya ntshitseng setjhaba sa hao naheng ya Egepeta ka letsoho le matla, ya iketseditseng lebitso le tumileng le kajeno, re sitilwe, re entse ka bolotsana.


Ka re ke sa ntsane ke rapela, ke bolela sebe sa ka le sebe sa setjhaba sa heso sa Iseraele, ke tsholla dithapedisiso tsa ka pela Jehova, Modimo wa ka, bakeng sa thaba e kgethehileng ya Modimo wa ka,


Ka etsa thapelo ya ka ho Jehova, Modimo wa ka, ka bolela melato ya rona, ka re: Oho, Morena, Modimo o moholo, o tshabehang, o bolokang selekane le mohau ho ba o ratang, ba yang ka melao ya hao,


re sitilwe, re entse bokgopo, re entse ka bolotsana le ka boikgantsho, re kgelohile ditaelo le dikahlolo tsa hao.


Morena, maswabi a difahleho ke a rona, le a marena a rona, le a mahosana a rona, le a bontata rona, hobane re o sitetswe.


Mme Modimo wona, na o ke ke wa ahlolela bakgethwa ba wona, ba bitsang ho wona motshehare le bosiu, leha o dieha ho halefa ka baka la bona na?


mme jwale, e ne e se e le mohlolohadi wa dilemo tse batlileng ho ba mashome a robileng meno e le mmedi a metso e mene; o ne a sa tlohe tempeleng, empa o ne a sebeletsa Modimo ka ho itima dijo le ka ho rapela bosiu le motshehare.


Le rona bohle, pele, re ne re tsamaya le bona ditakatsong tsa nama ya rona, re ntse re etsa ho ratwang ke nama le ke mehopolo ya rona; mme ka ho hlaha ha rona re ne re le bana ba bohale, jwaloka ba bang.


Jwale, eo e leng mohlolohadi ruri, ya siilweng a nnotshi, o itshepetse Modimo, mme o tiisetsa diqelong le merapelong, bosiu le motshehare.


Ke leboha Modimo oo ke o sebeletsang ka letswalo le lesweu, jwaloka bontate moholo, hoba ha ke phetse ho o hopola merapelong ya ka bosiu le motshehare;


Ha re ipolela dibe tsa rona, Modimo o a tshepeha, o lokile, hore o re tshwarele dibe, mme o re hlatswe bokgopo bohle.


Ke swabile ha ke beile Saule morena; hobane o mphuraletse, mme ha a phetha mantswe a ka. Moo Samuele a hlomoha, a howeletsa ho Jehova bosiu bohle.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos