Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Nehemia 1:5 - BIBELE

5 Yaba ke re: “Oho, Morena Modimo wa mahodimo, ke a o rapela: Wena Modimo e moholo, ya tshabehang, ya bolokang selekane sa hae sa lerato ho ba mo ratang, ba mamelang melao ya hae,

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 ka re: Jo! Jehova, Modimo wa mahodimo, Modimo o moholo, o tshabehang, o bolokelang ba o ratang, ba bolokang melao ya hao, selekane le mohau!

Ver Capítulo Copiar




Nehemia 1:5
18 Referencias Cruzadas  

mme a re: “Morena Modimo wa Iseraele, ha ho Modimo ya kang wena hodimo lehodimong, kapa tlase lefatsheng, ya bolokang selekane le bahlanka ba hae, a ba bontshe mohau ha ba mo tshepa ka dipelo tsa bona tsohle.


Ke setjhaba sefe moo lefatsheng, se kang setjhaba sa hao sa Baiseraele, seo Modimo a kileng a ya se lopolla hore e be setjhaba sa hae? O tumisitse lebitso la hao ka ho etsa tse kgolo, tse tshabehang, ka ho hleka matjhaba tseleng ya setjhaba sa hao, seo o se lopolotseng Egepeta.


“Siruse, kgosi ya Peresiya, o bua tjena: ‘Morena Modimo wa mahodimo, o nneile mebuso yohle ya lefatshe, mme o ntaetse hore ke mo hahele Tempele Jerusalema, naheng ya Juda.


Jwale kgosi ya re ho nna: “O rata ha ke o etsetsa eng?”


Yaba ke a qamaka, ke ema kapele ho mahosana, le kapele ho babusi, le kapele ho setjhaba sohle, ke re: “Le se ke la ba tshaba. Hopolang Morena ya matla ya tshabehang, mme le lwanele bana babo lona, le bara ba lona, le baradi ba lona, le basadi ba lona, le matlo a lona.”


Ba rera ho futuhela Jerusalema, hore ba tsose moferefere.


“Jwale, ka baka lena, wena Modimo wa rona, Modimo e moholo, ya matla, Ramatshabeho, ya bolokang selekane sa hae, ya hauhelang, tsietsi tsohle tse re hlahetseng o se ka di bebola: Tse hlahetseng kgosi tsa rona le mahosana a rona, baprista ba rona le baporofeta ba rona, bo-ntata rona le tjhaba sena sa hao sohle, ho tloha mehleng ya dikgosi tsa Asure, ho fihlela le kajeno-ya-bokajeno!


Lona ditjhaba tsohle, opang mahofi; faphang Modimo ka mehoo ya thabo.


Wena, o a tshabeha! Ke mang ya ka emang kapele ho wena, a ema teng ha o halefile?


Ke tla bina tsa mohau wa Morena, ke di bine kamehla, ka molomo wa ka ke tla tsebisa meloko yohle botshepehi ba hao;


hobane o itse: “Mohau wa ka o hlola kamehla yohle, botshepehi ba ka bo theilwe mahodimong.


Phuthehong ya bahalaledi Modimo o tshajwa haholo, o hlomphuwa haholo ke bohle ba mo teetseng hare.


Empa ba nthatang, ba bolokang melao ya ka, ke ba hauhela ho isa melokong e sekete.


“Haeba le mamela ditaelo tsena, le di boloka, le di phetha, Morena Modimo wa lona, o tla boloka selekane le lerato leo a neng a le hlapanyetse bo-ntata lona.


“Le se ke la di tshaba, hobane Morena Modimo wa lona, o teng hara lona, mme ke Modimo e moholo, ya tshabehang.


Tsebang ke hona hore Morena Modimo wa lona, ke yena Modimo. Ke Modimo ya tshepahalang, ya bolokang selekane le lerato la hae le tiileng ho ba mo ratang, le ho ba bolokang melao ya hae, ho isa melokong e sekete.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos