Davida a rapella ngwana ho Modimo; Davida a itima le dijo; mme ha a kene tlung ya hae, a sekama fatshe le bosiu bohle.
Nehemia 1:4 - Sesotho 1909/1961 (SO) Eitse ha ke utlwa taba tseo, ka dula ka lla, mme ka hlola bofifing ditshiu tse ngatanyana; hape ka itima dijo, ka rapela pela Modimo wa mahodimo, BIBELE Ha ke utlwa dipolelo tsena ka dula fatshe, ka lla, ka ba bofifing ka matsatsi a mangata; ka itima dijo, ka rapela Modimo wa mahodimo. |
Davida a rapella ngwana ho Modimo; Davida a itima le dijo; mme ha a kene tlung ya hae, a sekama fatshe le bosiu bohle.
kahobane pelo ya hao e swabile, wa ba wa ikokobetsa pela Jehova, mohla o utlwang seo ke se boletseng bakeng sa motse ona le bakeng sa ba ahileng teng, ka re, o tla fetoha lesupi le thohako, wa ba wa hahola diaparo tsa hao, wa lla pela ka, le nna ke utlwile, ho itsalo Jehova.
Hobane Salomone o ne a entse setulo sa koporo, se bolelele ba ditswe tse hlano, le bophara ba ditswe tse hlano, le bophahamo ba ditswe tse tharo, a se beile hara lebala; a ema teng, a ntoo kgumama pontsheng ya phutheho yohle ya Iseraele, a emisetsa matsoho a hae nqa mahodimong,
Ho itswe ke Siruse, morena wa Bapersia: Jehova, Modimo wa mahodimo, o nneile mebuso yohle ya lefatshe; hape, o ntaetse hore ke mo hahele ntlo Jerusalema, naheng ya Juda.
Esdrase a re a sa ntsane a rapela, a ipolela, a lla a kgumame pela ntlo ya Modimo, ha bokana ho yena phutheho e kgolo haholo ya Baiseraele, ho le banna le basadi le bana; setjhaba se ne se lla habohloko haholo.
Eitse ha ke utlwa lentswe leo, ka hahola kobo ya ka le kojwana, ka hlotha moriri wa hlooho ya ka le ditedu tsa ka, mme ka dula fatshe ke tshohile.
Ka nako ya sehlabelo sa mantsiboya, ka ema hona boikokobetsong ba ka, kobo ya ka le kojwana ya ka di hahotswe; ka kgumama ka mangole, ka otlollela matsoho a ka ho Jehova, Modimo wa ka,
Ka ba fetola, ka re ho bona: Modimo wa mahodimo ke wona o tla re atlisa; ka baka leo, rona re leng bahlanka ba wona, re se re ya tsoha, re haha; haele lona, ha le na kabelo, leha e le tokelo, leha e le keletso Jerusalema.
Ke moo ditjhaba di tla hlonepha lebitso la Jehova, marena wohle a lefatshe a tshabe kganya ya hao.
le kamoo e ka kgonang ba rapele kateng, ho kopa mohau wa Modimo wa lehodimo bakeng sa sephiri seo, hore Daniele le balekane ba hae ba tle ba se ke ba fediswa le ba bohlale ba bang ba Babilona.
Ka phahamisetsa mahlo a ka ho Morena Modimo ho ithusa ka thapelo le kopo, ka ho itima dijo, ka lesela le mahwashe le ka melora.
A re ho bona: Ke Moheberu, mme ke tshaba Jehova, Modimo wa mahodimo, ya entseng lewatle le lefatshe.
Ke tla bokella hammoho ba llelang diphutheho tse mahlonoko; ba tswile ho wena; ba imelwa ke nyatso!