Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Daniele 2:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)

18 le kamoo e ka kgonang ba rapele kateng, ho kopa mohau wa Modimo wa lehodimo bakeng sa sephiri seo, hore Daniele le balekane ba hae ba tle ba se ke ba fediswa le ba bohlale ba bang ba Babilona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

18 A re ba rapele Modimo ya lehodimong hore a ba hauhele, a ba hlalosetse sephiri sena, e le hore yena, le metswalle ya hae, le bahlalefi ba Babilona, ba tle ba se ke ba bolawa.

Ver Capítulo Copiar




Daniele 2:18
22 Referencias Cruzadas  

Ekaba ho ba lokileng ba mashome a mahlano bao, ho ka hlokahala ba le bahlano; hleka o ka fedisa motse kaofela ka baka la batho ba le bahlano na? A re: Ha ke fumana ba lokileng ba mashome a mane a metso e mehlano, nke ke ka o fedisa.


Rorisang Modimo wa mahodimo! Efela mohau wa hae ke o sa feleng.


O ntoo bitsa ho nna ka letsatsi la matswalo; ke tla o namolela, mme o tla nkgodisa!


O tla bitsa ho nna, mme ke tla mo araba; ke tla ba haufi le yena matswalong, ke mo ntshe ho wona, ke mo tlotlise.


Ekaba mohlomong, Jehova, Modimo wa hao, o tla utlwa mantswe a Rabshake, eo monga hae, morena wa Assiria, a mo rometseng ho nyedisa Modimo o utlwang, mme Jehova, Modimo wa hao, o tla kgalemela mantswe ao a a utlwileng. Ka baka leo, o ke o beele masala a setseng thapelo.


Bitsa ho nna, mme ke tla o araba, ke o bontshe tse kgolo le tse patilweng tseo o sa di tsebeng.


Morena Jehova a re: Ke sa tla dumela ho batlelwa ho hong ke ba ntlo ya Iseraele hore ke ba etsetse hona: ke tla ba atisetsa batho ba be ka ka mohlape wa dinku.


Modimo wa bontate, ke a o leboha, ke a o rorisa, hobane o mphile bohlale le matla, le hobane o ntshenoletse seo re se kopileng ho wena, ha o fedile wa re senolela taba eo ya morena.


Bona, Modimo wa rona, oo re o sebeletsang, o na le matla a ho re lokolla seboping sa mollo o bohale, mme o fela o tla re lokolla letsohong la hao, morena.


Ha e le taba e itseng: Ho siuwe kutu ya metso ya sefate, ke ho re, o tla buselletswa borena ba hao, ha o setse o tsebile hoba ya busang o teng lehodimong.


A re ho bona: Ke Moheberu, mme ke tshaba Jehova, Modimo wa mahodimo, ya entseng lewatle le lefatshe.


Le tla boela le bone, kamoo ho fapaneng ya lokileng le ya kgopo kateng, ya sebeletsang Modimo le ya sa o sebeletseng!


Ana taba ena e jwang ho lona? Ha motho a ena le dinku tse lekgolo, mme e nngwe ho tsona ha e lahlehile, ha ke re, o tla tlohela tse mashome a robileng mono o le mong a metso e robileng mono o le mong dithabeng, a ye ho batla e lahlehileng na?


Hape, ke re ho lona: Ba babedi ho lona ha ba dumellane lefatsheng, ntho tsohle tseo ba di kopang, ba tla di newa ke Ntate ya mahodimong.


Yare hobane a mo tshware, a mo kenya teronkong, mme a mo neela dihlophana tse nne, hore di tle di mo lebele, hlopha se seng le se seng se ena le bahlabani ba bane, a lakatsa ho mo hlahisa pela setjhaba ha Paseka e fetile.


Jwale, banabeso, ke a le rapela, ka baka la Morena wa rona Jesu Kreste, le ka lerato la Moya, hore le lona le tle le ntwanele merapelong eo le nketsetsang yona ho Modimo;


ke moo ho bonahalang hobane Morena o tseba ho lwela barapedi molekong, le ho bolokela bakgopo hlokofatso ya letsatsi la kahlolo;


Davida a eketsa, a re: Jehova ya nnamoletseng marong a tau le marong a bere, o tla nnamolela le matsohong a Mofilesta eo. Ebile Saule o re: Eya, Jehova a be le wena.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos