Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 12:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Davida a rapella ngwana ho Modimo; Davida a itima le dijo; mme ha a kene tlung ya hae, a sekama fatshe le bosiu bohle.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

16 Davida a rapella ngwana eo ho Modimo, a itima dijo. Bosiu, ha a robala, o ne a robala fatshe.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 12:16
17 Referencias Cruzadas  

Yaba Nathane o boela hae. Jehova a otla ngwana ya tswaletsweng Davida ke mosadi wa Uria, a kula haholo.


A re: Ngwana ha a ne a sa phela, ke ile ka itima dijo, ka ba ka lla, ka re: Ho tseba mang? Ekaba Jehova o tla nkgauhela ka ho pholosa ngwana!


Ebile morena o a ema, a hahola diaparo tsa hae, a robala fatshe; le bona bahlanka bohle ba hae ba tla, ba ema pela hae, ba hahotse diaparo tsa bona.


Akabe, ha a utlwa taba tseo, a hahola diaparo tsa hae, a itlama mmele ka lesela le mahwashe, a itima dijo, a robala ka lesela le mahwashe, a nanya butle.


Eitse ha ke utlwa taba tseo, ka dula ka lla, mme ka hlola bofifing ditshiu tse ngatanyana; hape ka itima dijo, ka rapela pela Modimo wa mahodimo,


Eya phutha Bajuda bohle ba leng teng Susane; le itime dijo bakeng sa ka; le se ke la ja, leha e le ho nwa ka tshiu tse tharo, bosiu le motshehare; le nna le barwetsana ba ka, re tla itima dijo jwalo, ke ntoo kena ho morena, leha molao o sa dumele; mme leha nka timela, ke mpe ke timele.


O ntoo bitsa ho nna ka letsatsi la matswalo; ke tla o namolela, mme o tla nkgodisa!


Ha ke ntse ke lla ke itima dijo, hoo ho mphetohela nyediso;


Morena, Jehova wa makgotla, o le bileditse ho lla le ho hlomoha ka tsatsi leo, ho kuta moriri le ho apara lesela le mahwashe.


Jehova, ba tadimile ho wena matswalong a bona, ba tsholotse merapelo ya bona, mohla ba utlwang dikotlo tsa hao.


Morena a ntoo ikela tlung ya hae ya borena, a hlola bosiu a itima dijo; ha a ka a dumela hore ho tliswe serethe ho yena, mme a hlobaela.


Ka phahamisetsa mahlo a ka ho Morena Modimo ho ithusa ka thapelo le kopo, ka ho itima dijo, ka lesela le mahwashe le ka melora.


Ho tseba mang? Mohlomong Modimo o tla re utlwa, o kgutle, o kgutle bohaleng ba kgalefo ya wona, re se ke ra timela.


Mme ha feta matsatsi a mararo, a sa bone, a sa je, a sa nwe.


Yaba Joshua o hahola diaparo tsa hae, a itabanya fatshe ka sefahleho pela areka ya Jehova, ya ba ya eba mantsiboya, a ena le baholo ba Iseraele, ba ithuntsheditse dihlooho ka dithole.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos