Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




2 Samuele 12:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Yaba Nathane o boela hae. Jehova a otla ngwana ya tswaletsweng Davida ke mosadi wa Uria, a kula haholo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

15 Yaba Nathane o ikela tlung ya hae. Morena a otla ngwana eo mosadi wa Uriya a ileng a mo tswalla Davida. Ngwana eo a kula haholo.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 12:15
9 Referencias Cruzadas  

Leha ho le jwalo, ka baka la hobane o nyefodisitse dira tsa Jehova ka taba eo, ngwana ya tswaletsweng wena o tla shwa ruri.


Davida a rapella ngwana ho Modimo; Davida a itima le dijo; mme ha a kene tlung ya hae, a sekama fatshe le bosiu bohle.


Empa Jehova a otla morena, ya eba molepera ho isa ho shweng ha hae, a dutse tlung e kathoko. Mme Jothame, mora morena, a bewa modisa wa ntlo ya morena, a ahlolela setjhaba sa lefatshe.


Matsatsing a Abija, Jeroboame ha a ka a hlola a ipha matla, Jehova a ba a mo otla, a shwa.


Ha o pata sefahleho sa hao, di tsielehe; ha o di amoha phefumoloho, di fele, mme di kgutlele leroleng.


Empa lengeloi la Morena la phakisa la mo otla, kahobane ha a ka a busetsa letlotlo ho Modimo: a jewa ke diboko, a ba a shwa.


Tadimang jwale hobane ke nna, e, ke nna feela, mme ha ho modimo o mong, haese nna; ke a bolaya, mme ke a phedisa; ke etsa leqeba, mme ke a le fodisa; ha ho motho ya ka o namolelang letsohong la ka.


Eitse hobane ho fete tshiu tse leshome, Jehova o otla Nabale, a shwa.


Davida a eketsa, a re: Ka Jehova ya utlwang, ke yena Jehova ya tla mmolaya; kapa ho tla tjhaba tsatsi la hae la ho shwa, kapa o tla ya ntweng, a timele teng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos