Mikea 7:7 - Sesotho 1909/1961 (SO) Empa haele nna, ke tla tadima ho Jehova, ke lebelle Modimo wa poloko ya ka; Modimo wa ka o tla nkutlwa! BIBELE Empa nna ke tla lebella Morena, ke lebelle Modimo, Mopholosi wa ka; Modimo wa ka o tla nkutlwa. |
O ntsamaise nneteng ya hao, o nthute, hobane ke wena Modimo wa poloko ya ka; kamehla ke ntse ke bea tshepo ya ka ho wena.
O lebelle Jehova o ikgutseditse, o itshepise ka yena. O se ke wa hlora ka baka la ya atlehang tseleng ya hae, ka baka la motho ya leseho bolotsaneng ba hae.
Bonang, Modimo ke poloko ya ka, ke na le tshepo, nke ke ka tshaba letho; hobane Jehova, Jehova ke matla a ka le sefela sa ka; o ikentse Mmoloki wa ka.
Ka lona tsatsi leo, motho o tla lelalla ho Ya mmopileng, mahlo a hae a tadime ka nqa ho Mohalaledi wa Iseraele.
Ka letsatsi leo, ho tla thwe: Bonang ke wona Modimo wa rona, oo re o tshepileng hoba o tla re boloka; ke yena Jehova eo re mo tshepileng; a re nyakalleng, re thabele topollo ya hae.
Sokolohelang ho nna, mme le bolokehe, lona dipheletso tsohle tsa lefatshe. Hobane ke nna Modimo, o mong ha o yo.
Ke tshepile Jehova ya patetseng ntlo ya Jakobo sefahleho sa hae; ke beile tshepo ya ka ho yena.
Bona, Modimo wa rona, oo re o sebeletsang, o na le matla a ho re lokolla seboping sa mollo o bohale, mme o fela o tla re lokolla letsohong la hao, morena.
Haele wena, o kgutlele ho Jehova, o boloke mohau le ho loka, o itshepele Modimo wa hao kamehla.
Jehova, ke bitsa ho wena, hobane mollo o qetile meraka ya lehwatata, lelakabe le tjhesitse difate tsohle tsa naha.
Ke tla ema tulong ya ka ya bolebedi, ke tla hlwella toreng ya sebohodi, ke tle ke lebele ho bona seo Jehova a tla se bolela ka ho nna, le seo nka fetolang dillo tseo tsa ka ka sona.
hobane tshenolo eo e sa duletse nako ya teng, empa e tla itlhahanela qetellong, e ke ke ya thetsa. Ha e ka dieha, o e lebelle, hobane e tla etsahala ruri, e ke ke ya fela.
Empa ha mosadi a sa ka a itshenya, mme ha a hlwekile, a ke ke a hlahelwa ke letho, mme o tla nne a emole.