Isaia 17:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)7 Ka lona tsatsi leo, motho o tla lelalla ho Ya mmopileng, mahlo a hae a tadime ka nqa ho Mohalaledi wa Iseraele. Ver CapítuloBIBELE7 Mohla tsatsi leo, motho o tla sheba Mmopi wa hae, mahlo a motho a shebe Ya Halalelang wa Iseraele. Ver Capítulo |
Eitse hobane tseo kaofela di fele, Baiseraele bohle ba neng ba le teng ba tloha, ba ya metseng ya Juda; ba robaka ditshwantso, ba heletsa diashera, ba qhaqha dinqalo tse diphahameng, le dialetare naheng yohle ya Juda le ya Benjamine, le ya Efraime le Manasse, ba ba ba qetedisisa; bana ba Iseraele ba ntoo kgutlela metseng ya bona, e mong le e mong ha hae.